Ditoro ka moriri

Ho lora ka moriri ho ka bolela dintho tse ngata. O ka fumana o lora ka moriri wa hao kapa wa motho e mong. Ebang o ka lora ka moriri wa hao, o ka iphumana o le maratong haufinyana, empa o fumane hore motho eo o dimakanong tsa lerato le motho e mong hape. 

Setaele le diphetoho tsa moriri

Ha o lora o daile moriri ho ka bolela hore ho tla phethoho e seng e ntle e tla fetola bophelo ba hao hampe. Ebang o kama moriri ebile o ntse o hlothoha ho ka bolela hore o tla lahlehelwa ke ntho e bohlokwa bophelong ba hao. 

Ha o lora o kuta moriri wa hao ho ka boella ho lahlehelwa kapa ho fokotseha ha matla a mmele kapa a kelello. O lokela ho hlokomela hore ke mang a o kutang moriri torong moo le hore o sebakeng se fe, hobane ho lahlehelwa ke matla a hao ho ka amana haholo le le motho eo, mmoho le sebaka seo. Ebang o lora o kuta moriri hantle ka makgethe, o o fokotsa, ho ka bolela ho fokotseha ha maima bophelong ba hao. 

Bolelele le mmala wa moriri

Ebang moriri wa hao o le molelele haholo, ho ka bolela hore o a ithetsa, mme o thetsa le batho ba bang. Ha moriri wa hao o le mokgubedu, o lokela ho itjheba, o hlokomele dira bophelong ba hao.

Tahlehelo ya moriri

Ebang o lora o lahlehelwa ke moriri, ho ka bolela hore o kgathatsehile hobane ho na le batho ba o kgathatsang.

Ha o kutile lekorwane/penyenye kapa o kutile moriri hantle ka makgethe, ho ka bolela borui le bophelo bo botle bakeng sa banna. Ebang o le mosadi o kutile ho ka bolela tshotleho le ho kula. 

Ebang torong moo mohlankana wa hao a kutile ebile a sa bonahale a nka hantle, ho ka bolela hore dikamano tsa marato tsa lona ha di a hlohonolofala, ha le a abelana, mme le tla tobana le mathata haufinyana.

Leave a Comment