Ditoro ka bomadimabe

Ditoro tsa bomadimabe hangata ha di hloke ho hlaloswa kapa ho qhaqhollwa hobane di hlakile ka botsona – ntho e etsahalang torong e ka etsahala nnete bophelong. Empa ka ditoro tsa bosiu badimo ba hao ba kgona ho o bontsha dintho tse ntle kapa tse mpe tse ka etsahalang, kapa tse lokelang ho etsahala. Ditoro di bohlokwa, ha o tsoha o se ke wa lebala hore o lorile eng, mme o di qhaqholle, o fumane moelelo wa tsona. Ha o sa kgone ho di manollo o kope motho e moholo ho o manollela tsona ka potlako hobane ho ka etsahala e be badimo ba o jwetsa ntho e itseng.

Dibaka tse Lefifi le ho Salwa Morao

Ebang o lora o le sebakeng se lefifi, ho ka bolela bomadimabe ebang o sa kgone ho baleha. O a ntshwa hore maemo a mabe, mme dintho ha di o tsamaele hantle. Bomadimabe bo ka bakwanke moloi ya sa batleng ho bona o na le dintho tse ntle bophelong. O bone le ha o leka ka hohle empa o sa atlahe ho hang. Ha o lora toro kgafetsa, mme o le motho ya dumelang setsong, ho bohlokwa hore o etele ngaka ya setso. Ha o le mokereste o ka rapela ho fihlela dintho di loka.

Ha o lora motho ya tsotseng a o setsesetse morao, ho sa kgathaletsehe hore o a mo tseba kapa tjhe, ho ka bolela bomadimabe kapa ho na le motho a o emeng hampe. Ka dinako tse ding ho ka etsahala e be motho eo o mo tsebang ke yena ya o loyang.

Metsi a ditshila

Ha o lora o tola ka metsing a ditshila, o be o bona ngwana ya tsotseng, o leka ho mo tshwara a be a wa, o hloleha o qetella o le sebakeng se lefifi. Toro ena e tlwaelehile bakeng sa basadi ba lahlehetsweng ke masea pele a hlaha. Ngwana eo o a bontsha hore o hodile, mme o hloka hore a etsetswe moetlo o itseng. Ka lehlohonolo toro ena e ka o tlela ka tse ntle ha o ka latela metjha e nepahetseng. Mosadi a ka hlatsuwa. Meriana e teng eo a ka e sebedisang dingakeng tsa setso. Ntho e bohlokwa ke hore mosebetsi wa hlatsuwa o etswe bakeng sa ngwana hore a apeswe, a be a fuwe lebitso. Ha motho a ka latela mekgahlelo e boletsweng ka hodima, dintho di ka loka.  

Boshodu

Ha o lora o nkelwa tjhelete kapa o fuwa mpho e be ho na le motho ya o utswetsang yona: ho ka bolela bomadimabe. O ka nkelwa mpho eo o tlo e fumana kapa eo o seng o e nketswe. Kapa ho ka bolela hore motho e mong o nkile lehlohonolo la hao a le etsa la hae. 

Hangata e atisa hore e be motho wa leloko, le ha motho eo o sa mo tsebeng a ka etsa jwalo le yena, ka tsela eo ha ba tsebe badimo ba hao. Jwale he, ebang e le motho eo o sa mo tsebeng, dintho di ke ke tsa sebetsa hantle, hobane badimo ba hao ba tseba ho kgutlisetsa dintho tsa hao ho wena. Ebang e le motho wa leloko o tseba ho bua le badimo ba le bang jwalo ka wena. O ka lokisa seo empa ka hobane motho eo o o atametse, mme le arolelana badimo, a ka bona ka moo o etsang dintho ka teng, a be a o hatella ho feta pele. Ebe ho hlahella hore dintho kaofela tseo o lorang ka tsona di tobile motho eo wa leloko, e leng sesupo sa hore e ne e ntse e le yena nako ena kaofela.

Diaparo tsa kgale le Tjhelete e llang e fifetseng

Ebang o lora motho a o fa diaparo tsa kgale, kapa a o hlatswisa diaparo tsa hae tsa kgale, mme metsi ao o di hlatswang ka ona a le ditshila, mme a sutuletsa diaparo tseo tse lefifi ho wena, ho ka bolela bomadimabe, hore ho na le motho ya tlisang sefifi lapeng leno. Ha motho a o fa mose o motsho, ekaba letshwao la bomadimabe. Ha o hana ho o nka torong moo ya neng a leka ho o fa ke yena ya ka bang le bomadimabe.

Ka le leng o ka lora o fuwa tjhelete e llang e fifitseng, kapa o e thole ha ntse o tsamaya. Tjhelete eo e ka bolela bomadimabe, mme dintho di ke ke tsa o tsamaela hantle bophelong ba hao. Kapa ka nako tse ding o fumane hore ke pontshahatso ya hore dintho ha di o tsamele hantle. 

Lefu

Ha o lora lekase la bafu ho ka bolela ho kula lelokong la heno.    

Leave a Reply