Ditoro ka sefako

Ha o lora sefako, ho bolela hore dintho tse mpe di a otlela. O ka lahlehelwa ke mosebetsi kapa batho ha sa hlokomele. Diphiri di ka tsebahala le tsona.

Ditoro ka leqhwa

Ha o lora leqhwa, ho ka ya ka hore o mang hore o fumane moelelo wa toro eo. Bakeng sa borapolasi, ho ka bolela kotulo e fokolang le madimabe. Bakeng sa baratani ho ka bolela lenyalo le letle le thabo.

Ditoro ka mohodi

Ha o lora o tsielehile ka hara mohodi, ho bolela madimabe. O ka utlwiswa bohloko ke motho eo o mo tshepileng.

Ditoro ka mookodi

Ha o lora mookodi, o ka lebella dintho tse ntle. Ekaba katleho, tswelepele le bophelo bo botle.

Ditoro ka sefefo

Ha o lora sefefo, ekaba letshwao le lebe, o lokela hore o itlhokomele. Ha maru a duma le thwathwaretsa ho bolela phetoho e tlang bophelong ba hao. Ekaba mosebetsing moo o tla fumana ditlamorao tsa mesebetsi ya hao. Ke lehlohonolo ha o ka lora o otlwa ke lehadima.

Ditoro ka mmoba

Ho lora mmoba ho atisa ho bolela dintho tse ntle. Ho ja mmoba Ho lora o ja mmoba ke letshwao le letle, ho ka bolela hore o lebell dinako tse monate tse tlang, ho thaba le hona ho ba le lehlohonolo, le ho lebelle tswelopele. Ho lora o ja mmoba ho bontsha lerato, mofuthu, tlhompho …

Bala haholwanyane

Ditoro ka ditshehlo

Ho lora ditlhong / ditshehlo ho hatisa ho bontsha mathata, dintho tse esa lokang, kapa ho tsepamisa maikutlo ho hloleheng, empa ho tswa ka maemo le hore ho etsahalng torong. Ho lora ditshehlo mmeleng wa hao Ho lora ditshehlo ho tsamellana le mosebetsi. Ho ka bolela hore mosebetsing ha ba o rate, kapa ha hona …

Bala haholwanyane

Ditoro ka seolo

Ha o lora o bona seolo ka jarateng ke letshwao le lebe le ka bontshang lebitla kapa hore ho na le motho ya tla hlokahala mme o ka kgona ho mo pholosa. Ho lora seolo ke ho o hlokomedisa hore bomadimabe bo tla o wela haufinyana. Ha o lora seolo ho ka bolela hore o …

Bala haholwanyane

Ditoro ka lehaha

Ha o lora mahaha, ho ka bolela ho se be le botsitso bophelong ba hao. O ka hlotjhwa ke ntho e nngwe kapa wa fumana ditaba tse seng monate.