Ditoro ka moru (bush)
Ha o lora o tsamaya morung, ho ka bolela hore ho tlaba le phetoho bophelong ba hao, ho ka fumana ntlo kapa mosebetsi.
Ha o lora o tsamaya morung, ho ka bolela hore ho tlaba le phetoho bophelong ba hao, ho ka fumana ntlo kapa mosebetsi.
Ha o lora noka, ho bolela botle le ho atleha ha metsi a hlakile, a hlwekile. Ke bomadimabe ha metsi a le seretse, a le matla. Metsi a phalla ka matla a ka bolela hore o tla ameha kotsing haufinyana.
Ha o lora maru, ho ka bolela dintho tse fapaneng, ho ya ka mmala wa ona. A matsho a ka bolela hore kgohlano e hodimo bophelong ba hao, a masweu a arohaneng a ka bolela ho thaba le katleho.
Ho lora dikgohola, ho bolela lehlonolo le katlehong bophelong.
Ha o lora phoka, ho ka bolela hore o tla kena tekong ya ho kgalla ho hong haufinyana. Ho bohlokwa hore o hane ka wena ho qoba ditlamorao tse mpe.
Ha o lora sefako, ho bolela hore dintho tse mpe di a otlela. O ka lahlehelwa ke mosebetsi kapa batho ha sa hlokomele. Diphiri di ka tsebahala le tsona.
Ha o lora leqhwa, ho ka ya ka hore o mang hore o fumane moelelo wa toro eo. Bakeng sa borapolasi, ho ka bolela kotulo e fokolang le madimabe. Bakeng sa baratani ho ka bolela lenyalo le letle le thabo.
Ha o lora o tsielehile ka hara mohodi, ho bolela madimabe. O ka utlwiswa bohloko ke motho eo o mo tshepileng.
Ha o lora mookodi, o ka lebella dintho tse ntle. Ekaba katleho, tswelepele le bophelo bo botle.
Ha o lora sefefo, ekaba letshwao le lebe, o lokela hore o itlhokomele. Ha maru a duma le thwathwaretsa ho bolela phetoho e tlang bophelong ba hao. Ekaba mosebetsing moo o tla fumana ditlamorao tsa mesebetsi ya hao. Ke lehlohonolo ha o ka lora o otlwa ke lehadima.