Ditoro ka lehaha

Ha o lora mahaha, ho ka bolela ho se be le botsitso bophelong ba hao. O ka hlotjhwa ke ntho e nngwe kapa wa fumana ditaba tse seng monate.

Ditoro ka moepa

Ha o lora moepa, ho le thata ho o hlwa, ho ka bolela hore o tla sokola empa o qetelle o atlehile.

Ditoro ka mokoti

Ha o lora mokoti, ho ka bolela botle ha o sa tshela letho, o tla tlelwa ke thabo le lelapa le hlomphehang. Ha o tletse metsi, ho ka bolela hore koduwa e a o tlela.

Ditoro ka thaba

Ho lora thaba ho ka bolela bomadimabe. Ha o e bonela hole, ho ka bolela hore o tlaba le bophelo ba ho kula ka lebaka la kgatello ya maikutlo. Ha o hlwa thaba, ho bolela hore o tlaba le mathata empa o tla a hlola, haholo ha o ka hlwella ka hodimo.

Ditoro ka seretse

Ha o lora seretse ho ka bolela hore dintho tse mpe di a tla, batho ba ka bua hampe ka wena. Ha o le ka hara sona, ho ka bolela hore dikoloto di tla o hlola di o bakele mathata.

Ditoro ka lewatle

Ha o lora lewatle, ho atiswa ho bona e le ntho e ntle ha maqhubu a kgutsitse. Ke bomadimbae ha maqhubu a le tsukutla hampe. Ha maqhubu a le maholo, a le matla ho ka bolella hore o sebetsa ka thata hore o atlehe. Ha o tsamaya hodima metsi ho bolela hore o tla phomella, …

Bala haholwanyane