Ditoro ka lewatle

Ha o lora lewatle, ho atiswa ho bona e le ntho e ntle ha maqhubu a kgutsitse. Ke bomadimbae ha maqhubu a le tsukutla hampe. Ha maqhubu a le maholo, a le matla ho ka bolella hore o sebetsa ka thata hore o atlehe. Ha o tsamaya hodima metsi ho bolela hore o tla phomella, …

Bala haholwanyane

Ditoro ka methapo

Ha o lora methpo ya sefate, ho ka bolela hore o tlaba madimabe haufinyana. Ha e nkga hampe ha o e tjheka o tla qhekellwa ke motho eo o mo tshepileng.

Ditoro ka matekwane

H ao lora matekwane, ho ka bolela hore o lokela ho iketla ka bophelo, o seka etsa diqeto tse potlakileng. Ho ka bolela hore o tla lahlehelwa ke dintho tse bohlokwa haufinyana.

Ditoro ka sehlehle

Ha o lora semela sa sehlehle, ho ka bolela hore o tlaba lehlohonolo, haholoholo dikamanong. Ha o se lenyalong ho ka bolela hore o tla fumana motho kapa o nyalwe haufinyana.

Ditoro ka dipalesa

Ha o lora dipalesa, ho ka bolela hore o tla fumana thabo bokamosong ba hao, ntle le ha o ka di senya, wa di lahla.

Ditoro ka lefika

Ha o lora lefika ho ka bolela hore ho na le ketsahalo e bohlokwa e tla o etsahalla haufinyana dikamanong le batho. O ka fumana ngwana nako etlang. Empa ha o leketlile lefikeng ho na le motho ya o tshwereng, ho ka bolela hore ho na le motho ya o loyang, mme o lokela ho …

Bala haholwanyane

Ditoro ka mpepa

Ha o lora o tshwere mpepa ho ka bolela hore o fuwa tokelo le tokoloho ya ho o tjhesa ka tlung, o buwe le badimo. Ho na ho etsahala ha ho se ho sena motho ya moholo kapa ngwana ya hodiswang ke bomalome. Hona ho bolela hore o lokela ho bua le ona ntlong e …

Bala haholwanyane

Ditoro ka makala

Ha o lora makala, ho ka bolela botle ha makala ao a le matala, a ntse a le sefateng. O tla atleha, o hlohonolofale. Ha makala a wela fatshe, mme ho le ditshila ke ona, o ka sotleha ka lebaka la motho e mong.