Ditoro ka mpepa

Ha o lora o tshwere mpepa ho ka bolela hore o fuwa tokelo le tokoloho ya ho o tjhesa ka tlung, o buwe le badimo. Ho na ho etsahala ha ho se ho sena motho ya moholo kapa ngwana ya hodiswang ke bomalome. Hona ho bolela hore o lokela ho bua le ona ntlong e ikgethileng. Ha o lora o tshwere mpepa ho ka bolela ditlhohonolofatso le borui tse tla tlela motho ya lorang.

Tharollong ya mathata le ditaba tse monate

Ho lora mpepa ho bolela hore o tla fumana tharollo mathateng a hao. Toro eo e ka bolela hore o tlo tlohela ho kgathatseha. Ho bolela hore batho ba sa lokang ba tla tloha bophelong ba hao.

Ho lora mpepa ho bolela ditaba tse monate. Ho lora o hula mpepa ke lethwao le letle, le bontshang o phela hantle, mme o ka lelbella ditaba tse monate.

Dikamano tsa botho

Leave a Comment