Ho lora ditlhong / ditshehlo ho hatisa ho bontsha mathata, dintho tse esa lokang, kapa ho tsepamisa maikutlo ho hloleheng, empa ho tswa ka maemo le hore ho etsahalng torong.
Ho lora ditshehlo mmeleng wa hao
Ho lora ditshehlo ho tsamellana le mosebetsi. Ho ka bolela hore mosebetsing ha ba o rate, kapa ha hona kutlwano. Ha o lora o tshwara tshehlo ka matsoho ho ka bolela hore o tla lahlehelwa ke tjhelete kapa mosebetsi, ka dihora tsa tshebetso di fokotswe. Ho lora tshehlo e ngata ho bolela hore o tla tobana le mathata.
Ha o lora tshehlo maotong a hao ho bolela hore o tobane le mathata bophelong, empa ha o ka lora o e tlosa ho ka bolela hore o na le matla a ho itwanela bophelong.
Ditshehlo jwalo ka ditshitiso
Ha o lora o tlosa tshehlo ka pela hao ho bolela hore o tla kena mokgahlelong o mong wa bophelo, mme o tla tobana le diteko le maima empa o tla qetella o atlehile. Ha o lora o phahamisa tshehlo e kgubedu ka mmala ho ka bolela hore ho na le dintho tseo o sa di nkeleng hloohong bophelong ba hao. Ha o lora o le hara tshehlo ho ka bolela hore o motho ya sebetsang ka thata empa o kara hara bayho ba o ntshang tseleng.
Ho lora motho e mong a lematswa ke tshehlo ho ka bolela hore ka moo o nahanang ka teng le ka moo o etsang dintho ka teng ho utlwisa batho ba bang bohloko. Ka nako e nngwe ho bolela hore o motho ya sa kgathalleng tseo e leng tsa hae.
Ditshehlo diaparong
Ho lora tshehlo diaprong ho ka bolela hore o na le mathata a fapaneng a bakwang ke batho ka bomo, mme ha o rate ho tloha pela batho bao. Ekaba metswalle, ba lelapa kapa bao o phelang mmoho le bona.