Ditoro ka mmoba

Ho lora mmoba ho atisa ho bolela dintho tse ntle.

Ho ja mmoba

Ho lora o ja mmoba ke letshwao le letle, ho ka bolela hore o lebell dinako tse monate tse tlang, ho thaba le hona ho ba le lehlohonolo, le ho lebelle tswelopele. Ho lora o ja mmoba ho bontsha lerato, mofuthu, tlhompho le ho hlokomelwa ke batho ba haufinyana le wena.

Masimo a mmoba

H o lora o jala, o kotula, kapa o bona masimo a mmoba ke ntho e ntle. Ho ka bolela hore o lebella lehlohonolo le tswelopele ho tseo o di etsang. Ho ka bolela le ho thaba, qetello ya tshotleho, le ho rua ho ho holo, le ho una haholo mosebetsing.

Kotulo ya mmoba

Ho lora o kutal mmoba ho ka bolela hore o tla tobana le mathata pele o atleha. Ka nako tse ding ho ka bolela hore o lokela ho fetola ka moo o nahanang ka teng, o itekole, mme o tsepamise maikutlo a hao dinthong tse ka o ntshetsa pele.

Ho lora o lema, o hlaolela kapa o jala ke letshwao le lebe, ho ka bolela hore o lebelle ho kula ho e mong wa lelapa haufinyana.

Ho reka mmoba

Leave a Comment