Ditoro ka lefokolodi

Ha o lora lefokolodi e ka ba letshwao le bontshang hokohanyo ya hao le sedimo sa heno. Ditlhokomediso le ditshosetso Ha o lora lefokolodi le tsamaya ka ntle ho ka bolela hore ho na le motho ya sa o lakaletseng botle kapa ya batlang ho loya. Ho lora lefokolodi le le hole ho ka bolela …

Bala haholwanyane

Ditoro ka masiba

Ha o lora masiba a masweu ho ka bolela hore o tla ba le kgotso, o phele ka boiketlo bophelong ba hao. Empa tse seng monate ke hore ha o ka lora masiba a matsho ho ka bolela hore o tla sotleha haufinyana.

Ditoro ka semamina

Ha o lora semamina, ho ka boela hore o tla fumana katleho empa ho tla nka nako hore o bona diphetho tsa mosebetsi wa hao.

Ditoro ka sekgo

Ha o lora sekgo kapa tepo ya sekgo, ho ka boela hore dintho tse ntle di a tla bophelong ba hao. O ka fumana tjhelete eo o sa e lebellang, kapa ketelo ya motho e mong.

Ditoro ka bohlwa

Ha o lora bohlwa, ho ka bolela hore batho ba o nahanang o ba tshepile, ba kotsi haholo bophelong ba hao.

Ditoro ka seboba

Ha o lora diboba, ho ka bolela hore o na le dira tse batlang ho o utlwisa bohloko. Ha se seng se ka o pema o ka tobana le mathata, empa ha o se bolaya o tla atleha.

Ditoro ka dinoha

Ho lora dinoha, ekaba senyama bakeng sa bokamoso ba hao. Ho ka bolela hore badimo ha ba thaba, mme motho e mong a ka tloha a o tswa ka fatshe, haholo ebang noha e ka o loma. Mefuta e fapaneng ya dinoha e na le meelelo e fapaneng ditorong:

Ditoro ka kgoho

Ha o lora dikgoho, ho ka bolela dintho tse ntle ha fela di sa tsamaye le ditsuonyana tsa tsona. Ha di le jwalo feela ho ka bolela thabo le katleho. Empa ha di tsamaya le ditsuonyana, ho ka bolela bomadimabe, ho lahlwa, le tahlehelo, mosebetsing kapa maratong.