Ditoro ka dinoha

Ho lora dinoha, ekaba senyama bakeng sa bokamoso ba hao. Ho ka bolela hore badimo ha ba thaba, mme motho e mong a ka tloha a o tswa ka fatshe, haholo ebang noha e ka o loma.

Mefuta e fapaneng ya dinoha e na le meelelo e fapaneng ditorong:

  • Noha e sootho (Noha ya sedimo): Ebang o lora noha e sootho kapa e tshweu, ho ka bolela hore badimo ba o romella molaetsa kapa lehlohonolo le tseleng.
  • Noha e tala: Ha o lora noha e tala, ho ka bolela hore sera se batla ho lematsa, ho ka etsahala e be se ka lapeng. Noha e nyane e tala e ka bontshahatsa badimo ba banyane kapa ngwana ya hlokahetseng pele a hlaha. 

    Ha o lora noha e tala e o hlasela, e o lwantsha kapa e o tshosa, ho ka bolela kotlo ya sedimo. Ha o lora o e otla o e bolaya, ho ka bolela ho hlola mathata a hao. Ha e ka o loma, ho ka bolela hore ho na le motho ya nang le maikemisetso a mabe ka wena.

    Ha o lora e robetse betheng, ho ka bolela hore o tla hlohonolofatswa ka ngwana wa moshamane. Ha o lora e kena ka tlung, ho ka bolela hore o haufi haholo le batho ba sa lokang.
  • Mokwepa: Ha o lora mokwepa, ho ka bolela hore batho ba a o seba le hona ho bua hampe ka wena sekgukgung.
    Ho lora mokwepa ho tsamaisana le badimo. Hobane ke noha e lokileng, le toro o lokela ho ba e lokileng. Ha e halefile moo torong ho bolela hore baholo ba heno ha ba thaba kapa ba kgenne. 
  • Tlhware: Ha o lora tlhware e o kwenya, ho ka bolela hore badimo ba leka ho buisana le wena.

Leave a Comment