Ditoro ka nyonyobetsane
Ebang o lora dinyonyobetsane, ho ka bolela hore ho na le batho ba tla o utlwisa bohloko
Ebang o lora dinyonyobetsane, ho ka bolela hore ho na le batho ba tla o utlwisa bohloko
Ebang o lora matsetse, ho ka bolela hore o tla tobana le ho phoqeha ntle le ha o ka a bolaya, ho tla bolela katleho bophelong ba hao.
Ha o lora ditshintshi, ho ka bolela hore ho na le batho ba mona ka wena, mme ba ka o bakela mathata.
Ha o lora dinta, ho ka bolela hore o tla tobana le mathata bophelong, haholoholo mosebetsing. Etsa bonnete ba hore o patala dikoloto tsa hao, o hlokomele bophelo ba hao.
Ha o lora marutle ho ka bolela hore dintho ha di no o qhoba. O ka fumana o sotlehile kapa o futsanehile, mme le thabo eo o nang le yona e ka tsamaya ka nako e sa fediseng pelo. Ho lora marutle ho bolela hore o lebelle sewa sa ho kula kapa sa mathata. Sehlopha …
Ho lora dirurubele ho ka bontshahatsa dikarolo tse fapaneng tsa bophelo tsa dikamano, melaetsa ya semoya le ho hola ha motho. Mebala le meelelo ya tsona Serurubele se se sweu se ka bolela hore o hlohonolofala haholo haufinyana, o etelwe ke mangeloi, kapa Modimo o utlwile dithapelo tsa hao mme o tla di araba. O …
Ho lora dinonyana ho ka bolela dintho tse ngata. Ho di utlwa di tsanyaola ho ka bolela mathata a tlang. Ho di bona di fofa ho ka bolela hore batho bao o neng o ba tshepile ba ka o phoqa. Ho e bona e fofa thoteng ho bolela hore o tla utlwa ditaba tseo o …
Ho lora maeba ho bolela lehlohonolo le katleho, haholo ha a fofa. Ha o bona maeba a masweu, ho ka bolela hore ditsietsi tsa hao di fedile.
Ha o lora mmamasianoka ho ka bolela bomadimabe ho wena, haholo ha o ka e bolaya.
Ho lora o tjheha dinonyana ho bolela hore o tla thaba, o atlehe ha o ka di fumana. Ebang e le motho e mong a tjhehang dinonyana ho ka bolela hore molekane wa hao o a o thetsa.