Ditoro ka sephooko
Ha o lora diphooko ho ka bolela hore bomadimabe bo a o tlela. Ha sephooko se kakela ntle se bile se hihitsa, ho bolela hore ntho e mpe e tlo hlahela lelapa kapa leloko.
Ha o lora diphooko ho ka bolela hore bomadimabe bo a o tlela. Ha sephooko se kakela ntle se bile se hihitsa, ho bolela hore ntho e mpe e tlo hlahela lelapa kapa leloko.
Ha o lora senqanqane, ho ka bolela hore o tlo atleha o be morui.
Ho lora pikoko ho ka bolela hore o tlo sebeletsa ntho e nngwe ka thata, empa ho ka etsahala hore o seka atleha. Batho ba ka atlehang ha ba lora dipikoko ke boramapolasi.
Ha o lora mokgodutswane, ho bolela hore ka lapeng ho na le motho ya ka o fetohelang.
Ha o lora bomantswaitswai, ho ka bolela hore o tla putswa mosebetsing w ahao ka borui le ntlo e kgolo, haholoholo ha di bokella matlakala di aha mekoti ya tsona. Empa ha di le ngatangata, kapa o di lora masiu a latelaneng, ho ka bolela ho tobana le ho kula kapa lefu lelapeng.
Ha o lora dihahabi, ho ka bolela hore ho na le batho ba sa o rateng, ba batlang ho o lematsa.
Ho lora dinonyana ho ka bolela dintho tse ngata. Ho di utlwa di tsanyaola ho ka bolela mathata a tlang. Ho di bona di fofa ho ka bolela hore batho bao o neng o ba tshepile ba ka o phoqa. Ho e bona e fofa thoteng ho bolela hore o tla utlwa ditaba tseo o …
Ho lora maeba ho bolela lehlohonolo le katleho, haholo ha a fofa. Ha o bona maeba a masweu, ho ka bolela hore ditsietsi tsa hao di fedile.
Ha o lora ntsu, ho ka sisinyana hore o tla atleha mosebetsing. Ha e kakela ntlo ya moo o dulang ho ka bolela hore e mong o tlo kula kapa a hlokahale lelapeng leno.
Ha o lora lefokolodi e ka ba letshwao le bontshang hokohanyo ya hao le sedimo sa heno. Ditlhokomediso le ditshosetso Ha o lora lefokolodi le tsamaya ka ntle ho ka bolela hore ho na le motho ya sa o lakaletseng botle kapa ya batlang ho loya. Ho lora lefokolodi le le hole ho ka bolela …