Ha o lora lefokolodi e ka ba letshwao le bontshang hokohanyo ya hao le sedimo sa heno.
Ditlhokomediso le ditshosetso
Ha o lora lefokolodi le tsamaya ka ntle ho ka bolela hore ho na le motho ya sa o lakaletseng botle kapa ya batlang ho loya. Ho lora lefokolodi le le hole ho ka bolela hore sera se haufinyana le wena, ha o batla ho lokisa ho hong bophelong ba hao o tlo ikutlwa o le botswa, o bo nyahama.
Ha o lora lefokolodi ka tlung kapa le ilo kena ka tlung, ho ka bolela hore ho na le motho ya o o loyang kapa ya loyang baheno. Ha o bona seo ke tlhokomediso ya hore bophelo ba hao bo tsamaya jwalo ka lefolodi, ho ya ka moo ba o loileng ka teng, bo tsamaya bo ema haholoholo dikatleho tsa hao.
Ha o lora lefokodi ebile o tshohile kapa o thothomela, ke letshwao la hore ho na le batho ba sa lokang bao o lokelang ho ikgula ho bona, ntle le moo ho tla senyeha haholo. Ha o lora lefokolodi le tla ho wena ho ka bolela hore o tsepamisitse maikutlo nthong e tla tshwenyana le sedimo sa hao.
Ditshokolo le bomadimabe
Ha o lora lefokolodi ho ka bolela hore o a sokola, o tla sokola ho atleha le ha o se o le haufi le ho atleha. Ha o lora lefokolodi le le hloohong kapa mmeleng wa hao ke bomadimabe. Ha le le letsohong la hao ho ka bolela hore ha o tshware le ho sebedisa tjhelete hantle. Ha o lora lefokolodi mmeleng wa hao ho ka bolela hore ha o tlo atleha nthong eo o e etsang. Lenyalo le ka tjhwatleha kapa mosebetsi wa senyeha.
Mafokolodi a mangata
Ha o lora mafokolodi a mangata ho ka bolela hore dira tsa hao di ikopantse, ho etsa hore bophelo ba hao bo be thata. Ka nako e nngwe ho bolela hore sera sa hao se haufi le wena. O lokela ho hlokomela hore merero ya hao o e jwetsa bo mang.