Ditoro ka amfolopo
Ha o lora amfolopo, ho bolela hore o tla kopana le batho ba batjha haufinyana.
Ha o lora amfolopo, ho bolela hore o tla kopana le batho ba batjha haufinyana.
Ha o lora ka dipitsa le mapane, ho ka bolela hore o tlo utlwa ditaba tse tswang hole.
Ha o lora o nwa ka jeke, ho bolela hore o ka etela kaekae haufinyana.
Ha o lora materase, ho ka bolela hore ntho eo o neng o e batla ho ka etsahala hore e etsahale nnete.
Ha o lora dikobo ke bomadimabe, haholo ha e le Hlabula, mme o ka tobana le mathata.
Ha o lora sekgele e ka ba bomadimabe, haholoholo ha e se sa hao. Ho ka bolela hore o tla sotleha le ho utlwa boima bophelong ba hao. Ha o lahlile sekgele ho ka bolela hore o tlo lahlehelwa ke ntho ya bohlokwa haufinyana.
H ao lora bethe, ho ka fanapa meelelo ya hore o etsang. Ha o itorela fela o le betheng o le mong, mathata a hao a ka iphella. Ha o alola bethe, o ka fumana o kene leetong haufinyana. Ha o robetse betheng o le lesowa, o ka fumana o nyetse / nyetswe haufinyana.
Ho lora o apaere diaparo tsa setso sa heno ho ka boela hore o motlotlo ka botjhaba ba heno. Ho ka boela le hore o bohlale ba tlhaho, mme o a ikananela. Ho lora o apere letlalo la nkwe ho ka bontsha tlhompho eo o tlo e fumana ho tswa badimong ba boreneng. Toro ya …
Ha o lora tuku ya mahetleng, ho ka bolela hore o na le mathata a ka dulang a sa rarollwa, mme a etsa o ferekane.
Ha o lora makgasi, ho ka boelela hore o tlaba lehlohonolo.