Ho lora o apaere diaparo tsa setso sa heno ho ka boela hore o motlotlo ka botjhaba ba heno. Ho ka boela le hore o bohlale ba tlhaho, mme o a ikananela. Ho lora o apere letlalo la nkwe ho ka bontsha tlhompho eo o tlo e fumana ho tswa badimong ba boreneng. Toro ya diaparo tsa setso e ka boela hore o na moya wa ho afala / fodisa ka hare ho wena.
Lenyalo le Karolo ya Lelapa
Ha o le mosadi o lora o apere diaparo tsa setso ho ka bolela hore o tla hlohonolofala lenyalong la hao, mme o lebelle hore batho ba tla o kopa ba tla romella kemedi ho tlo rera tsa lenyalo la hao le moratuwa wa hao. Ha e le moona ya lorang a apere diaparo tsa setso o itukisetse ho ba hlooho ya lelapa kapa hona ho nyala haufinyana.