Ditoro ka diaparo tsa kgale le tse ditshila
Ha o lora o fuwa diaparo tsa kgale kapa ho thwe o hlatswe diaparo ka metsi a ditshila, ho ba bolela hore ho na le motho ya lekang ho o loya haeno.
Ha o lora o fuwa diaparo tsa kgale kapa ho thwe o hlatswe diaparo ka metsi a ditshila, ho ba bolela hore ho na le motho ya lekang ho o loya haeno.
Ha o lora kopi, ho ka bolela ntho e ntle ha kopi eo e tletse, empa ha e sa tshela letho ke bomadimabe.
Ha o lora botlolo, e atisa ho ba ntho e mpe. Ha e sa tshela letho, kapa o nwa ho hong ho tswa ho yona, o ka iphumana o le mathateng, o tobane le mahlomola le ho tlontlolleha. Botlo eo ha e tletse e ka ba lehlohonolo.
Ha o lora aporone, ho ka etsahala hore o fuwe ntho eo o saleng o e batla.
Ha o lora kobo e apesang, o ka kopana le motswalle wa kgale kapa molekane eo o qetetseng kgale ho mmona.
Ha o lora mosamo, ho ka bolela lehlohonolo ha o le motle, o hlwekile, o bolele bomadimabe ha o le ditshila.
Ha o lora o ikwahetse ka veili, ho ka bolela hore o tla kopana le mathata haufinyana.
Ha o lora diaparo tsa ka hare, ho ka bolela hore o tla lebella ditaba tse monate haufinyana. Empa diaparo tsa kahare di tabohile di le di tshila, o ka kena tsietseng wa tlola molao.
Ha o lora marikgwe, ho ka bolela hore o tla nyalwa ke motho ya o tshehallang, ya o loketseng.
Ha o lora diaparo tsa siliki, ho ka bolela letswaho le letle. Ha monna a lora mosadi ya apareng mose wa siliki ho ka bolela lenyalo le monate, mme ha e le basadi ba lorang ba tenne siliki, e ka bolela mahlohonolo le katleho.