Ditoro ka dikere
Ha o lora dikere, ho ka bolela hore batho o ba tshepang ha ba tshepahale.
Ha o lora dikere, ho ka bolela hore batho o ba tshepang ha ba tshepahale.
Ha o lora pentshele, ho bolela hore o lokela ho ba sedi ka dintho tseo batho ba o fang tsona.
Ha o lora sekgomaretsi, ho bolela hore o tla kopana le metswalle e metjha haufinyana, empa e ke ke ya qhoba le wena nako e telele.
Ha o lora tlilithara, e ka ba letshwao le letle bakeng sa bokamoso ba hao, haholoholo dikamanong tsa lerato.
Ha o lora mokotla, kapa manki ke bomadimabe, haholoholo ha di sa tshela letho. Ho ka bolela hore o seka tshepa basebetsimmoho le wena kapa o tla ba le mathata mosebetsing.
Ha o lora o tsamaya kaekae, ho ka bolela letshwao le lebe. O ka sotleha, mme wa kopana le mathata dikamanong le batho ba bang, haholoholo ebang o le ditshila moo torong.
Ha o lora o palame letoroko kapa kariki ho ka bolela bomadimabe bo tlang bophelong ba hao. O ka lahlehelwa ke ntho tse nang le boleng, wa ba setshehisa, wa swaba. Ho ka mpefala ho feta ha letoroko leo le hulwa ke koloi. Empa ha torong moo o hulwa ke batho ba bangata ekaba botle …
Ha o lora o sebedisa sakga, ho ka bolela hore maima a tseleng empa o ka a hlola ha o sebetsa ka thata.
Ha o lora o lema ka mohoma, moelelo o tla itshetleha tabeng ya hore o tla atleha kapa tjhe. Ha o lema ha bonolo, o tlaba lehlohonolo dikamanong, empa ha o ka sokola, o tlaba le bomadimabe le mathata mosebetsing.
Ha o lora tshepe, e atisa ho ba kotsi e tlang ho wena, ntle le ha o ka e kgaola. Hona ho bolela o ka kgona ho hlola mathata a hao.