Ditoro ka mafu

Ebang o lora o tshwerwe ke lefu le itseng, ho atisa hore o tlo phela hantle. Ha motho o tshwerwe ke lefu le itseng ka ho qolleha ho ka bolela hore motho tshwerweng ke lefu leo a ka fola.

Ditoro ka bohlanya

Ebang o lora o hlanya, ho ka bolela hore dintho ha di na o tsamaela hantle ha bophelo bo ntse bo e ya. Ha o lora motho a hlanya, ho ka bolela hore o tlo fumana ditaba tse monate tse tla o makatsa haufinyana.

Ditoro ka maselese

Ha o lora o na le maselese, ho ka bolela hore o tla futsaneha ha nako e ntse e tsamaya. O ka lahlehelwa ke tjhelete ho motho eo o mo kadimmeng a sa kgone ho e kgutlisa, kapa o be mathateng mosebetsing wa hao.

Ditoro ka bodutu

Ha o lora o le bodutu, mme metswalle e le siyo pela hao, ho ka bolela hore haufinyana o tla memelwa meketeng le mesebetsing e mengata.

Ditoro ka lerato

Ebang o lora o le maratong, ho ka bolela mahlohonolo a matle bokamosong ba hao. Ha o lora o rata metswalle ya hao, ho ka bolela hore o tla atleha bophelong. Le ha o ka lora o sa thaba leratong, ho ka bolela lenyalo le tla o thabisa.

Ditoro ka tswalo

Ebang o lora o tswala, ho ka bolela hore o tlo pepa ha bobebe haeba o imme kapa o nyetswe. Empa mathata a tseleng ebang o sa nyalwa. Ha o le monna, o lora e le mosadi wa hao ya tswalang ho ka bolela hore o lebelletse lesea.

Ditoro ka nko

Ho lora nko ya hao ho ka bolela dintho tse ngata. Ha o lora e le siyo, e ka ba letshwao la bomadimabe kapa hona ho hlokohala ebang o kula. Ebang e le kgolo haholo ho ka bolela borui empa o be o sokola ho fumana lerato la nnete ebile o iphumana o lwana le …

Bala haholwanyane

Ditoro ka dipeisi

Ho lora o na le dipeisi tse ngata e atisa ho ba letshwao le letle, le ka bolelang hore o tla phahama, o be o ratwe ke batho. Ha o le motho ya monyane o ntse o fereha o lora o na le dipeisi ho ka bolela hore o tla qetella o fumane motho eo …

Bala haholwanyane