Ho lora nko ya hao ho ka bolela dintho tse ngata. Ha o lora e le siyo, e ka ba letshwao la bomadimabe kapa hona ho hlokohala ebang o kula. Ebang e le kgolo haholo ho ka bolela borui empa o be o sokola ho fumana lerato la nnete ebile o iphumana o lwana le batho ba bang kgafetsa. Ha e le ntle ekaba letshwao la lehlohonolo le ho ratwa mosebetsing. Ha o bona nko ya hao fela o sa utlwisise lebaka, hoo ho ka bolela hore ha o tlo lefellwa mosebetsi wa hao oo o o sebeleditseng ka thata. Ya ho qetela, ebang o tswa mokola moo torong, o ka fumana o kula haufinyana.