Ho lora o na le dipeisi tse ngata e atisa ho ba letshwao le letle, le ka bolelang hore o tla phahama, o be o ratwe ke batho. Ha o le motho ya monyane o ntse o fereha o lora o na le dipeisi ho ka bolela hore o tla qetella o fumane motho eo o ntseng o mo fereha. Ha o le ngwetsi o lora o tshasa dipeisi tsa hao ka setlolo, ho ka bolela hore o qeta nako e telele o rarolla mathata a bakang qabang pakeng tsa hao le monna wa hao.
Ebang o lora o na jele dipeisi tse ngata o le ngwetsi, e kaba letshwao le lebe le bolelang hore o tlo ima le ho tswala ngwana ya tlo le qabanya le monna wa hao.
Mebala ya dipeisi e ka bolela se seng le yona:
- Ha o le moimana o lora dipeisi tse kgubedu, ho ka bolela hore o tlo tswala ngwana wa ngwanana e motle, ha di le ntsho kapa di na le botsho, ho ka bolela hore o tlo hlohonolofatswa ka ngwana ya moshanyana.
- Ha o lora o na le dipeisi tse tshweu kapa tse nang le bosweu ho ka bolela hore o tlo aha setumo sa hao, mme o tla ratwa haholo ke batho ba o potapoatileng, ka lebaka la boitshwaro ba hao, bo tla etsa batho ba o atamele.
- Ebang o lora dipeisi tse benyang tse tshabehang, ho ka bolela hore o lokela ho ema ka maoto hobane ho na le batho ba o emeng hampe, mme o lokela ho tlosa seqetho sa ho se ratwe ke batho.