Ditoro ka tlala

Ha o lapile torong, e atisa ho ba letshwao le letle bakeng sa bokamoso ba hao. Ho bolela hore o a tshepahala, mme o tlaba le metswalle e mengata bophelong le moratuwa ya o ratang haholo.

Ditoro ka mona

Ebang o le mona ho motho e mong torong, ho ka bolela hore dikamano tseo o nang le tsona le batho di tla putlama ha nako e ntse e ya. Ekaba batho bao o ba tlwaetseng kapa ba tumelo ya hao.

Ditoro ka dikgolo

Ebang o lora o hlahile sehloba letlalong la hao, o ka iphumana o le morui haufinyana empa ka tsela eo o neng o sa lebella ka teng. Ebang o hlahile kuru, ke letshwao le letle, hobane ho ka bolela hore o lokela ho phela bophelo bo botle.

Ditoro ka hlooho e opang/bohloko

Ebang o lora o tshwerwe ke hlooho e opang/bohloko, ke tlhokomediso ya ho tsamaella thoko le metswalle ya hao nakwana ho etsa bonnete ba hore o etsa dintho tse lokileng ntle le hore bona ba o kgelose.

Ditoro ka lepera

Ebang o lora o na le lepera, ho ka bolela hore ho na le ho hlonama lebomadimabe bo tlang.

Ditoro ka ho hlotsa

Ebang o lora o hlotsa, ho bolela hore o tlo tobana le mathata haufinyana, haholoholo mosebetsing wa hao.

Ditoro ka boqhwala

Ha o lora o kgaohile maoto kapa o qhwadile, ho bolela hore o atleha nakong e tlang. Empa hore o fumane katleho eo o ka fumana o lokela ho hlokomela le ho kgathalla batho ba bang – haholoholo ba hlokang thuso.

Ditoro ka motsekelo

Ebang o lora o tsekela, ho ka bolela hore o leka ho etsa dintho tse ngata haholo ka nako e le nngwe. O lokela ho nka dintho butle, o tsepamise maikutlo nthong e le nngwe ka nako.