Ditoro tsa ho utlwa ba o bitsa
Ha o lora ho na le motho a o bitsang, empa a o bitsa ka lebitso le sele, ho bolela hore o tla ba le mathata dikamanong tsa hao tsa lerato.
Ha o lora ho na le motho a o bitsang, empa a o bitsa ka lebitso le sele, ho bolela hore o tla ba le mathata dikamanong tsa hao tsa lerato.
Ha o lora watjhe/tshupanako e llang, ho ka bolela hore o tlaba le bophelo bo tletseng thabo.
Ha o ka lora o utlwa radio/seyalemoya, ho ka bolela hore o lokela ho letsetsa kapa ho etela e mong wa leloko eo o mo qetetseng kgale.
Ha o lora o utlwa menko e mebe, ho ka bolela hore ho na le kgalefo e tlang bophelong ba hao.
Ha o lora o utlwa ngwana ya lla, ho ka bolela lehlohonolo le tla ba teng nakwana.
Ha o lora ntja e etsa moolo, ho ka bolela dintho tse mpe tse o tlelang. O ka kula kapa wa kena kgohlanong.
Ha o lora o utlwa mmino o monate ho bolela hore o tla utlwa ditaba tse monate haufinyana. Ha o lora o utlwa mmino o mobe ho ka bolela hore o tlo utlwa ditaba tse mpe haufinyana.
Ebang o lora founu e llang, ho ka bolela hore ho na le batho ba buang ka wena, mme ho ka tswala mathata dikamanong tsa hao tsa lerato.
Ha o lora o utlwa menko e menate, ho ka fana ka letshwao le letle la hore dintho di tla o lokela haufinyana.
Ha o lora o utlwa monko wa dikonkose / dikhamokhamo, ho bolela hore o tla atelwa ke lehlohonolo dikamanong le mosebetsing wa hao.