Ditoro ka kutlo ya mmino

Ha o lora o utlwa mmino o monate ho bolela hore o tla utlwa ditaba tse monate haufinyana. Ha o lora o utlwa mmino o mobe ho ka bolela hore o tlo utlwa ditaba tse mpe haufinyana.

Ditoro ka tahlehelo

Ha o lora o hlotswe tlhodisanong, ho ka bolela hore dintho tse ntle di tseleng – haholoholo tjhelete. Empa ha se ka moo o lebelltseng ka teng, ka hoo etsa bonnete ba hore o e emetse, ka moo e tlatla ka teng.

Ditoro ka dikgolo

Ebang o lora o hlahile sehloba letlalong la hao, o ka iphumana o le morui haufinyana empa ka tsela eo o neng o sa lebella ka teng. Ebang o hlahile kuru, ke letshwao le letle, hobane ho ka bolela hore o lokela ho phela bophelo bo botle.

Ditoro ka hlooho e opang/bohloko

Ebang o lora o tshwerwe ke hlooho e opang/bohloko, ke tlhokomediso ya ho tsamaella thoko le metswalle ya hao nakwana ho etsa bonnete ba hore o etsa dintho tse lokileng ntle le hore bona ba o kgelose.

Ditoro ka lepera

Ebang o lora o na le lepera, ho ka bolela hore ho na le ho hlonama lebomadimabe bo tlang.

Ditoro ka ho hlotsa

Ebang o lora o hlotsa, ho bolela hore o tlo tobana le mathata haufinyana, haholoholo mosebetsing wa hao.