Ditoro ka pehiso
Ebang o lora o le pehisong ya mabelo, ke letshwao le letle, ha fela o sa we. Ha o le mohlodi, o ka atleha haufinyana, empa ha o hlotswe e kaba bomadimabe.
Ebang o lora o le pehisong ya mabelo, ke letshwao le letle, ha fela o sa we. Ha o le mohlodi, o ka atleha haufinyana, empa ha o hlotswe e kaba bomadimabe.
Ebang o lora o sesa, ke letshwao le letle haholo ha hlooho ya hao e le kahodima metsi – haholoholo mosebetsing le dikamanong tsa hao le batho. Ha metsi a hlwekile ho bolela botle bo boholo. Ha o tola hlooho e le ka tlasa metsi ho ka bolela mathata a tlang, haholo ha metsi a …
Ha o lora o hapile moputso, ho bolela hore o tla tuma bakeng sa ho hong bophelong ba hao.
Ha o lora ho na le motho ya o botsang dipotso, ke letshwao le letle ha o tseba dikarabo, mme o mo jwetsa seo a lokelang ho se tseba. Ha o sa tsebe karabo ho ka bolela hore o tla tobana le mathata haufinyana.
Ha o lora o fa motho e mong dikeletso torong, ho ka bolela mathata a tla ho wena. Haeba o mametse motho ya o fang keletso, ho ka bolela hore o motho ya nang le nnete ya tshepahalang.
Ha o lora o mametse thothokiso, ke letshwao le letle bakeng sa bokamoso ba hao. Ho bolela hore ka letsatsi le leng o tla tsebisahala naha ho pota ka lebaka la seo o se etsang.
Ha o lora o hlotswe tlhodisanong, ho ka bolela hore dintho tse ntle di tseleng – haholoholo tjhelete. Empa ha se ka moo o lebelltseng ka teng, ka hoo etsa bonnete ba hore o e emetse, ka moo e tlatla ka teng.
Ha o lora o utlwa ngwana ya lla, ho ka bolela lehlohonolo le tla ba teng nakwana.
Ha o lora ntja e etsa moolo, ho ka bolela dintho tse mpe tse o tlelang. O ka kula kapa wa kena kgohlanong.
Wa Hao Ha o lora ho kokotwa monyakong wa hao, ho bolela hore o haufinyana le ho atleha ditorong tsa hao, empa o hlokomela seo o se buang hore o se lahlehelwe menyetla e metle.