Ditoro ka lenyora

Ebang o lora o nyorilwe, ho ka bolela dintho tse fapaneng. Ha o nyorilwe fela ho ka etsahala o kule haufinyana. Ha o nyorilwe o nwa metsi, ekaba letshwao le tle ha metsi ao a hlwekileng, ebang a le ditshila ke letshwao le lebe.

Ditoro ka mokgathala

Ha o lora o kgathetse, e atisa ho ba letshwao le letle. Ho ka bolela hore o sebeditse ka thata, mme ditholwana tse monate di a tla.

Ditoro ka ho hlwella

Ha o lora o hlwella hodima ho hong torong, ho ka bolela ka moo o tlo atleha ka teng bophelong. Ha o hlwella ka hodimo, o ka fihlella merero ya hao bophelong, maratong le mosebetsing. Ha o sa kgone ho fihlella ka hodimo kapa o wela fatshe, ho bolela hore ho tlaba le ho shwaba. …

Bala haholwanyane

Ditoro ka ho nwa

Ha o lora o nwele jwala kapa veine moketeng, ho ka bolela hore o phetse hantle ebile o thabile, haholoholo ha o ratana. Empa ha o nwele haholo, o ka lahlehelwa ke mosebetsi haufinyana.

Ditoro ka botahwa

Mathata le Diqeto Ha o lora o tahilwe ho ka bolela hore o na le mathata, mme o tobane le maima ao o sa kgoneng ho a hlola. Ekaba sesupo sa hore o lokela ho shebisisa diqeto tsa hao tse fetileng, tse etsang hore o se tswele pele bophelong, o ronte nqa e le nngwe. …

Bala haholwanyane

Ditoro ka golofo

Ha o lora o bapala golofo, ho ka bolela hore o tla tobana le mathata mosebetsing haufinyana, mme o lokela hore o tiye o kgone ho a feta.

Ditoro ka pehiso

Ebang o lora o le pehisong ya mabelo, ke letshwao le letle, ha fela o sa we. Ha o le mohlodi, o ka atleha haufinyana, empa ha o hlotswe e kaba bomadimabe.

Ditoro ka ho sesa

Ebang o lora o sesa, ke letshwao le letle haholo ha hlooho ya hao e le kahodima metsi – haholoholo mosebetsing le dikamanong tsa hao le batho. Ha metsi a hlwekile ho bolela botle bo boholo. Ha o tola hlooho e le ka tlasa metsi ho ka bolela mathata a tlang, haholo ha metsi a …

Bala haholwanyane