Ditoro ka dibolo

Ha o lora o raha bolo papading ya bolo, ho ka bolela hore o tlo atleha ka lebaka la mosebetsi wa hao o matla.

Ditoro ka ho bala

Ha o lora o bala ho hong, ho ka bolela hore o bohlale. Pale eo o e balang e ka amana le bophelo boo o tlaba le bona nakong e tlang.

Ditoro ka ho ngola

Ebang o lora o ngola, ho ka bolela dintho tse ntho tse ntle ha pampiri e hlwekile – O ka le lenyalo le monate le bana ba lokileng. Ha o leka ho ngola o sa kgone kapa pampiri e taboha, ho bolela hore ha o bohlale ka moo o nahanang ka teng, mme o tlaba …

Bala haholwanyane

Ditoro ka keteko

Ha o lora o keteka ho hong, e atisa ho ba letshwao le lebe – ho bolela hore ho ka ba le ho hlonama le ho kula bophelong ba hao haufinyana.

Ditoro ka matshwele

Ha o lora o le hara letshwele boithabisong empa ho se motho ya o buisang, ho ka bolela hore ha o tlo ratwa ke batho.

Ditoro ka motantsho / motjeko

Ke letshwao le letle ha o lora o tantsha / tjeka. Ho lora o tantsha motjeko o fe kapa o fe ho ka bolela ha o thabile, e le nako ya ho thaba bophelong ba hao le bokamosong ba hao. O ka fumana thuso eo o e hlokang, kapa wa atleha ka tjhelete kapa mosebetsing. …

Bala haholwanyane

Ditoro ka mokgathala

Ha o lora o kgathetse, e atisa ho ba letshwao le letle. Ho ka bolela hore o sebeditse ka thata, mme ditholwana tse monate di a tla.

Ditoro ka ho hlwella

Ha o lora o hlwella hodima ho hong torong, ho ka bolela ka moo o tlo atleha ka teng bophelong. Ha o hlwella ka hodimo, o ka fihlella merero ya hao bophelong, maratong le mosebetsing. Ha o sa kgone ho fihlella ka hodimo kapa o wela fatshe, ho bolela hore ho tlaba le ho shwaba. …

Bala haholwanyane