Ditoro ka mekgabiso

Ha o lora o kgabiso ntlo, ho ka bolela ditaba tse mpe. Ho ka bolela hore o tla lahlehelwa ke tjhelete haufinyana.

Ditoro ka setumo

Ha o lora o tumme ka lebaka la dineo tsa hao, ho bolela hore ho ka etsahala o se fumane tlola ho seo o se etsang.

Ditoro ka moroko

Ha o lora o roka, ho bolela hore o ka atleha bophelong ba hao. Ha o bona e le motho e mong ya rokang, ho ka bolela hore motho eo o mo tsebang o a o thetsa.

Ditoro ka ho bina

Ha o lora o bina ho ka bolela hore o tla fumana ditaba tse mpe, mme o be le bokamoso bo boima. Empa o le lehlohonolo, hobane ho na le batho ba tla o thusa. Ebang o lora o bina o ntse o tsamaya, ho bolela hore o tla fumana phunyeletso bophelong.

Ditoro ka ditlhapa

Ebang o lora o rohakana ditorong tsa hao, ho bolela hore o ka lahlehelwa ke motswalle haufinyana. Ha o ka utlwa ho rohokana motho e mong, ho ka etsahala e be lehlohonolo

Ditoro ka ho louwa

Ha motho emong, jwalo ka moloi, a o loya, lebaka ekaba hobane a le mona ho wena le tseo o nang o le tsona bophelong, mme o batla ho o etsa hampe, jwalo ka ho lemala kapa ho o bolaya. Ho tshwaseha le ho Tshosetswa Ho ka ba le motho a o loyang ebang lebitso …

Bala haholwanyane