Ditoro ka ho hlola mathata kapa ho tobana le maima

Ho hloka hore ha toro e ipheta makgetlo, o tsebe hore e bolelang. Toro e ka lepa ntho e tla etsahala, ka hoo ho bohlokwa ho utlwisisa toro. Ditoro di atisa ho hlalolsa seo badimo ba se bolelang. Ho ba le ditoro tse mpe kgafetsa ha se ntho e ntle, mme hoo ho ka bolela kotsi e tlang. Ho na le tumelo ya hore ha o phethisa seo badimo ba o bolellang sona ditorong, o atleha mererong ya hao, mme ba o tshirelletsa mathateng a lefatshe. Hang ha o entse se batlehang, ditoro tsa hao di tla hlahisa hore o hlotse maima.

Ditoro tsa ho hlola ba bang

Ha o lora o lwana le abuti wa mosadi wa hao kapa a o supa ka marao a hae a o toneseditse: ho ka bolela hore o o loile. Empa ha o ka lora o mo otla ho fihlela o mo hlola, o tlabe o mo hlotse le mekgwa le merero. Ho tlatseletsa moo, le boloi boo a o loileng bona bo ke ke ba hlola bo sebetsa.

Ha hona le motho ya o febang le moratuwa wa hao, mme o lora a o bapadisa, ho ka bolela hore o a o loya. Empa ha o ka lora o mo lwantsha ho fihlela o mo hlola, o tsebe o tlabe o hlotse le boloi ba hae, mmoho le merero ya hae e ditshila.

Ho lwana le meya ya diphoofolo

Ha o lwana le motho ya o hlolang, moelelo wa toro eo o itshetlehile ho bong ba motho eo. Ha o le monna, mme o hlolwa ke mosadi, kapa o le mosadi o hlolwa ke monna, ho ka bolela hore o lwana le meya ya phoofolo, mme o fumane hore bong ba phoofolo eo bo fapane le ba motho eo a e romeletseng. Empa ha o lora o lwana o hlola motho eo, le nneteng o tlabe o qetile ka yena.

Batho ba bang ba lehlohonolo ba ho bona phoofolo eo e ronngweng ha e fetola sebopeho, ho etsa mohlala ha o e otla moo torong e fetohe ngwana kapa e mong wa leloko. Ha o tswela pele ho e otla e be e fetoha phoofolo hape. Ha o ka e bolaya, o tlabe o e hlotse, mme e ke ke ya o hlopha hape. O ka tlosa meya ena e ditshila ka ho sebedisa meriana ya setso kapa thapelo ebang o dumela thapelong.

Ho hlola tse amanang le meya e mebe

Ha o lora ho ahwa ntlo, ho ka bolela dintho tse fapaneng. Ha ntlo e qetwa ho ahuwa kapa e ahwa ka pelenyana, motho e mong a ka hlokahala. Empa ha o ka e diha, hoo ho ke ke ha etsahala hape. Ha o ka nka sesebediswa se seng se thusa ho aha ntlo eo, wa e diha, hoo ho ka bolela hore o hlotse ho kula kapa ntho e mpe e neng e tlo etsahala ho wena kapa ho ba lelapa leno.

Ha o lora diphahlo tsa hao di lahlehile, mme o sa di thole ha o di batla, kapa o tshwarwa poho ho nkuwa ntho e ka letsohong la hao, e ka ba molaetsa o amanang le lehlohonolo.

Ka nako tse ding o ka lora o tshwere masale a mabedi ka letsohong, mme le leng le be le lahleha. Kapa konopo ya seaparo seo o se apareng e we e lahlehe, e be ha o e thole. Ha o ka lora o di fumana ka bo wena kapa ho hlaha lentswe le reng “dintho tsa hao ke tsena”, ho bolela hore o tlabe o hlotse meya e ditshila kapa motho ya batlang ho o nkela lehlohonolo.

Ho hlola ba rerang ho o lematsa

O ka lora motho a o etsang dintho tse mpe kapa ya sa teanyeng mahlo le wena. Ba ka hlaha ba le lefifing, mme ka nako tse ding ba batla ho bua le wena, ba o jwetsa dintho tse mpe tseo ba di rerang ka wena le hore lebaka la bona ke le fe.

Ka nako tse ding o ka fumanwa motho eo a tiisitswe ke ngaka e itseng, e mo bolelletseng hore badimo ba mo tshireleditse. Empa motho eo a be a tshwareha a o qoqela hore merero ya bona e a nyopa le ya ngaka eo ba tsamayang ho yona, le hore badimo ba bona ba a fokola. Hang ha seo se etsahala, motho eo a ke ke a kgona ho o etsa letho hobane matla a hae a fedile.

Leave a Comment