Ke letshwao le letle ha o lora o tantsha / tjeka. Ho lora o tantsha motjeko o fe kapa o fe ho ka bolela ha o thabile, e le nako ya ho thaba bophelong ba hao le bokamosong ba hao.
O ka fumana thuso eo o e hlokang, kapa wa atleha ka tjhelete kapa mosebetsing. Ha o tantshetsa ka holong e tletseng batho, ho ka bolela hore o tlo tuma ka lebaka la seo o leng sona.
Ho lora o tantsha ho ka bolela hore o na le bokgoni bo boholo ba ho thabisa batho o sa hlokomele.
Ho lora o qoqopela motjeko ya mathuela ho ka bolela hore o na le neo e tswang ho badimo, kapa o etelwa ke bahlokomedi ba hao ba seng ba ithoballetse. Ha o lora o tjeka eka o kerekeng o lokela ho ya kerekeng o ilo rorisa Modimo.