Ditoro ka mme

Ha o lora le qoqa ha monate le mme wa hao, o ka bolela katleho le nyakallo. O ka boela wa fumana ditaba tse monate haufinyana. Ha o ka lora a hlokahetse torong ho ka bolela hore o tla kula haufinyana.

Ditoro ka mme wa molekane

Ha o lora mme wa molkane wa hao ho ka bolela bomadimabe. Ha a o kgaruma ho bolela hore o tla hlokofala, mme ebang a o loketse ho bolela hore o tla phoqeha haufinyana.

Ditoro ka motjhana

Ha o lora motjhana, ho ka bolela hore o tlo kopana le wa leloko haufinyana, mme o tla o thusa ka bothata bo teng bophelong ba hao.

Ditoro ka makase

Ha o lora o bona lekase, ho ka bolela hore motho eo o mo tsebang o hloka thuso ya hao. Nengneng ha o lora lekase ho ka bolela hore motho eo o mo tsebang o tlo kula kapa a hlokohale. Ho lora lekase ho boela ho bolela ho fedisa dikamano tse seng di sa sebetse …

Bala haholwanyane

Ditoro ka lefung

Ha o lora o le lefung la motho wa leloko, ho ka bolela hore e mong o tla kula kapa a hlokahale haufinyana. Nengneng wena o ka phela bophelo bo bolelele.

Ditoro ka polao

Ha o lora o bolailwe, ho ka bolela hore motho eo o mo ratang a ka kula kapa a hlokahala, kapa o ka ba le mathata bophelong ba hao.