Ditoro ka ho kgangwa / qwela

Ha o lora o kgangwe / qwetse, e atisa ho ba lehlohonolo. O ka fumana dintho tse neng di o hlopa di tloha, wena le bao o leng dikamong le bona le loka, le tshepahala hape.

Ditoro ka sethepu

Ha o lora o na le banna kapa basadi ba bangata, ho ka bolela hore lelapa la hao le tla tlala thabo, mfuthu le katleho.

Ditoro ka sepoko

Ha o lora o bona dipoko, ho ka bolela hore o ipitsetsa dira ka lebaka la seo o se etsang, mme o tla phela ka sebe. Ke letshwao le lebe bakeng sa hao.

Ditoro ka mabitla

Ha o lora o bona mabitla, kapa majwe a mabitla, ho ka bolela hore o tla kopana le e mong wa leloko kapa motswalle eo o mo qetetseng kgale. Ebang ho le jwalo ba ka o qoqela le ho o tlisetsa ditaba tse monate kapa keletso. Ka hoo o ba mamedise hantle.

Ditoro ka heshe

Ha o lora heshe ho ka bolela hore motho eo o mo tsebang o tla hlokahala kapa a kule.

Ditoro ka ho ila

Ha o lora o ilela motho e mong, e atisa ho ba letshwao le letle ka moo o leng ka teng. Ho ka bolela hore o tla menngwa nqa e nngwe, e be o a ratwa e bile o a hlomphuwa. Diaparo tsa ho ila Ho lora motho e mong a apare thapo e atisa …

Bala haholwanyane