Ditoro ka setholo
Ha o lora setholo / motho ya sa utlweng, ho ka bolela hore motho ya ileng a o tshwara hampe o tlo kopa tshwarelo.
Ha o lora setholo / motho ya sa utlweng, ho ka bolela hore motho ya ileng a o tshwara hampe o tlo kopa tshwarelo.
Ha o lora motho ya kgohlahetseng, ho ka le mathata bophelong ba hao haufinyana.
Ha o lora sethotho, ho bolela hore o ka ba lehlohonolo, haholoholo ha o na le lehae / ntlo.
Ha o lora metswalle, ho ka bolela ba loka, ba tshepahale ho wena. Empa ha o lwana le bona, ho ka etsahala hore o lwane le bona le bophelong ba nnete.
Ha o lora monna kapa mosadi wa hao, ho bolela hore o tlatleha nthong eo o e etsang, haholoholo mosebetsing. Ha o le mosadi ya nyetsweng ho na le motho ya ratang monna wa hao, ho ka bolela hore o batla ho le arohantsha. Ha o hlola ntwa eo ho bolela hore maqiti a hae …
Ha o lora sehlopha sa batho se aha ntlo, motho e mong a kula kapa a hlokahala haufinyana. Ha o senya disebediswa tsa bona ho ka bolela hore o emisitse ntho eo e mpe e ng e tlo etsahala.
Ha o lora o kgangwe / qwetse, e atisa ho ba lehlohonolo. O ka fumana dintho tse neng di o hlopa di tloha, wena le bao o leng dikamong le bona le loka, le tshepahala hape.
Ha o lora o kgwanngwe molaleng, ho ka bolela hore ho na le motho a hlokang thuso ya hao.Mamela metswalle ya hao le ba leloko, ho utlwa hore o ka ba thusa jwang.
Ha o lora o na le banna kapa basadi ba bangata, ho ka bolela hore lelapa la hao le tla tlala thabo, mfuthu le katleho.
Ha o lora batswadi ba hao ba hlokahetse ka bobedi, ho ka bolela hore o fumana thuso ho motho kapa sebakeng seo o sa se lebellang haufinyana.