Ditoro ka batho ba babe
Ha o lora motho ya mobe, ke letshwao le letle, o ka fumana lehlohonolo ho eng kapa eng eo o e etsang.
Ha o lora motho ya mobe, ke letshwao le letle, o ka fumana lehlohonolo ho eng kapa eng eo o e etsang.
Ditoro ka makgowa di bolelang? Ha o lora motho e mosweu a o fa tjhelete ho ka bolela lehlohonolo bokamosong ba hao kapa menyetla e metle e a tla, kapa badimo ba o fa matla a ho atleha. Ka nako tse ding ho lora makgowa ho bolela moya wa badimo kapa kgantsho semoyeng. Ditlhokomediso le …
Ha o lora ngwana, ho ka bolela hore wena kapa molekane wa hao, le tla ba le ngwana haufinyana. Ebang o se o ntse o imme, ke letshwao le letle bakeng sa tswalo ya ngwana. Ha o lora bana ba bangata, o tla atleha mosebetsing le bophelong.
Ha o lora lelapa la heno le kopane, ho bolela hore o lokela ho itshwara hantle, ntle le moo o tlaba mathateng.
Ha o lora o tshwere palesa ya monyaduwa, ho ka bolela hore o tla nyalwa haufinyana. Ha o e lahla kapa e lahleha, ho ka bolela hore o tlaba hlahlwa ka le leng.
Ha o lora o lahlehetswe ke lesale la hao la lenyalo, ho ka bolela hore ha o sa le maratong le monna kapa mosadi wa hao.
Ha o lora ngwana, mme o so kene thobalanong, o ka kgalla ho robalana le motho ya boleng bo tlase. Ha o lora ngwana, mme a robetse a kgumame ka mangole, o ka ba le moeti haufinyana. Ha ngwana a ka ikakela, ke lehlohonolo ha a sa o silfatse, empa ha a ka o silafatsa …
Ha o ka lora ngwana heno, ho bolela hore ho ka ba le phetoho bophelong ba hao haufinyana. Ho ka etsahala ho be le lefu lapeng, empa wena o tla phela nako e telele, mme dintho di tla loka ha o se o qetile ho ila.
Ha o lora o bua le ntate wa hao, ho bolela hore o tla thaba. Ha a thotse, a sa o buise, o ka iphumana o le mathateng.
Ha o lora mosebetsi, a sebetsa tseleng kapa toneng / tshimong, o ka atleha haholo bophelong.