Ditoro ka diteko

Ha o lora o ngola teko, o ka bona o tobana le mathata haufinyana. Ho ka bolela hore ho na le batho ba batlang ho o qhekella, empa ha o ka sebetsa ka thata o tla phomella.

Ditoro ka kolobetso

Ha o lora o kolobetsa ngwana, ho ka bolela letshwao le lebe. E mong wa leloko a ka kula kapa a hlokahale haufinyana.

Ditoro ka makgowa

Ditoro ka makgowa di bolelang? Ha o lora motho e mosweu a o fa tjhelete ho ka bolela lehlohonolo bokamosong ba hao kapa menyetla e metle e a tla, kapa badimo ba o fa matla a ho atleha. Ka nako tse ding ho lora makgowa ho bolela moya wa badimo kapa kgantsho semoyeng. Ditlhokomediso le …

Bala haholwanyane

Ditoro ka bana

Ha o lora ngwana, ho ka bolela hore wena kapa molekane wa hao, le tla ba le ngwana haufinyana. Ebang o se o ntse o imme, ke letshwao le letle bakeng sa tswalo ya ngwana. Ha o lora bana ba bangata, o tla atleha mosebetsing le bophelong.