Ditoro ka ho ila

Ha o lora o ilela motho e mong, e atisa ho ba letshwao le letle ka moo o leng ka teng. Ho ka bolela hore o tla menngwa nqa e nngwe, e be o a ratwa e bile o a hlomphuwa.

Diaparo tsa ho ila

Ho lora motho e mong a apare thapo e atisa ho ba mafu a mangata, batho ba kule hara lelapa / leloko. H o lora o retswe thapo ho ka bolela hore o tla kopana le maima, o sotlehe.

Bafu ba apereng thapo

Ha o lora mofu a apereng thapo, ho ka bolela hore o lokela ho hlatsuwa bofifi. Ho lora motho ya hlokahetseng a apare thapo, o lokela ho tsepamisa maikutlo a hao le nako thapelong hobane o tla kopana le mathata. Ho bolela hore motho eo o ntse a na le sesila, ha a hlatsuwa hantle ka mora lefu la hae. Ho hlokeha hore ho etswe mosebetsi wa ho tlosa thapo eo. Ka nako e nngwe ho ka bolela hore mofu o hlokahetse a apere thapo, pele thapo ya hae e ka tloswa, mme ho hlokeha mosebetsi wa tlhatsuwo.

Ho ileng

Leave a Comment