Ha o lora o bona lekase, ho ka bolela hore motho eo o mo tsebang o hloka thuso ya hao. Nengneng ha o lora lekase ho ka bolela hore motho eo o mo tsebang o tlo kula kapa a hlokohale. Ho lora lekase ho boela ho bolela ho fedisa dikamano tse seng di sa sebetse kapa tse senang molemo.
Lekase le Kwetsweng
Ha o lora lekase le kwetsweng ho ka bolela hore le sephiri se seholo se bohlokwa, seo o se patetsweng. Ho bolela hore katleho ya hao e thibetsweng ke motho ya sebedisang ditlhare. E atisa ho ba letshwao le lebe le bontshang maemo a seng matle, le ho sokola haholo ha nako e ntse e tsamaya.
Lekase le Butsweng
Ha o lora lekase le butsweng kapa le bulwang ho ka bolela letshwao le letle, le bontshang ho iketla kapa qaleho ya dintho tse ntjha e leng ditoro le merero ka mora nako e telele. Letshwao lena le ka tla ka mora nako e telele o leka ho lokisa bophelo ba hao ka ho rapela, ho ya dingakeng le ka ho rapellwa ke baporofeta.