Ditoro ka moratuwa wa mehleng

Ha o lora motho eo o neng o rata le yena / moratuwa wa mehleng, hona ho ka bolela hore motho eo o a o loya o batla le kgutlelane. Ka nako e nngwe o ka lora motho eo hobane o ntse o nahana ka yena.

Maikutlo a sa rarollehang

Ha o ka lora a o otla kapa a o shebile hampe, hona ho ka bolela hore o sa ntsane a na le sekgopi, mme ha a so o tshwarele ka se etsahetseng pakeng tsa lona. Ha o ka lora o hlatswa washene habo, ho ka bolela hore le hloka ho dula fatshe, le buwe ka dintho tseo le ileng la ngangisana ka tsona.

Ha o ka lora o le habo, hoo ho bolela hore lelapa la habo le ne le o rata haholo, mme ba ntse ba nahana ka wena le ha le se le se mmoho, ba bile ba bua ka wena. Ha o ka lora ba tsotse ka pela hao o tsebe ba swabile, ba tlontlolehile moo ba le teng.

Ho suna

Ha o lora o suna molekane wa hao e ka ba letshwao le lebe hobane dikamano tsa lona di na nka nako. Haeba e le monna kapa mosadi, ba ka febelana. Empa ebang e le motho e motle, ho ka bolela hore ho na le motho ya tla o thusa hore o tswe tebetebeng haufinyana.

Moratuwa / Molekane

Ha o lora moratuwa wa hao kapa molekane, e ka ba letshwao le letle ebang le na le kgohlano hobane ho bolela hore kamano ya lona e tla fumana kgotso, kopano le thabo. Ha o lora o ngangisana le yena, ebile le ngangisana le nneteng, hona ho bolela hore le tla rarolla mathata hantle pakeng tsa lona le le babedi.

Lerato le mamellano

Ha moratuwa wa hao a paere diaparo tsa hao, ho ka bolela hore o o rata e le kannete, mme o ikemiseditse ka wena, empa ha o lora o leka ho apara diaparo tsa hae be di o lekana, ho ka bolela hore lerato la lona le tlo hola le atlehe. Ha moratuwa wa hao a ka o hana torong hoo ho ka bolela hore lerato la lona le tla tiya, mme le batho ba lakatsang le arohane ba ke ke ba atleha.

Ho kgathalla moratuwa wa ha

Ha o phehile dijo tse monate ho ka bolela hore o mo hlokometse ebile o a mo kgotsofatsa, mme le yena o kgona ho itlhokomela. Ha o ka lora o hlwekisa kapa o fiela habo ho ka bolela hore o kgathatseha haholo ka yena, mme o batla dikamano tsa lona di tiye, mme ha hona mathata a ka le arohanyang.

Ha o phehile dijo tse monate ho ka bolela hore o mo hlokometse ebile o a mo kgotsofatsa, mme le yena o kgona ho itlhokomela. Ha o ka lora o hlwekisa kapa o fiela habo ho ka bolela hore o kgathatseha haholo ka yena, mme o batla dikamano tsa lona di tiye, mme ha hona mathata a ka le arohanyang.Ha o phehile dijo tse monate ho ka bolela hore o mo hlokometse ebile o a mo kgotsofatsa, mme le yena o kgona ho itlhokomela. Ha o ka lora o hlwekisa kapa o fiela habo ho ka bolela hore o kgathatseha haholo ka yena, mme o batla dikamano tsa lona di tiye, mme ha hona mathata a ka le arohanyang.

Matshwao a tlhokomediso

Ha le thabile le moratuwa wa hao torong, ke letshwao le lebe, le ka etsang ho be bosula le qetelle le arohane. Ebang o paqame betheng o nafelwa ke thobalano, ho bolela hore ho na le motho a le loyang, le lokela ho ema le batle thuso pele le arohana.

Ha o ka lahlehelwa ke seeta sa moratuwa wa hao, ho ka bolela hore o tla o lahla ha nako e ntse e ya. Ha o lora moratuwa wa hao a tahilwe ho ka bolela hore ha se motho eo o nahanang hore ke yena, mme ho na le batho ba mo lahlang, mme yena o dumella seo.

Kgohlano le moratuwa wa hao

Ha o lora le na le kgohlano le moratuwa wa hao ho ka bolela hore le tloba le kgotso ka mora ho ngangisana. Ka nako e nngwe e k ba letshwao le lebe le bolelangt:

  • O tla o rwaka kapa a o nyenyefatse.
  • Badimo ba hao ha ba a thaba ka lebaka la mekgwa ya hao. O lokela ho rapela hore mathata a fele pakeng tsa lona.
  • Moratuwa wa hao o pelo e kgustshwane kapa o halefa haholo, mme a ka ntshetsa kgalefo ho wena.

Leave a Comment