Maele le dikapolelo tsa kgodiso ya ngwana

  • Ngwana ya sa lleng o shwela tharing – Ngwana ha a lapile kapa a hloka ho hong o bonahala le ho tsejwa ka ho lla. Jwale papisong ya motho e moholo, ha a sa ipuwelle a ke ke a fumana seo a se hlokang.
  • Ngwana mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha – Ngwana kapa motho ya sa mameleng o salwa morao ke ona maima le mathata.
  • Ngwana ke wa setjhaba – Hona ho bolela hore ngwana o hodiswa ke batho ba bangata. Haholoholo mehleng ya kgale setjhaba se ne se ba le seabo kgodisong ya bana ba motse kaofela, se ne se sa tjhetjhele morao se re ha se na boikarabelo ngwaneng ya itseng.
  • Namamne e nyekwa ke mma yona – Mmangwana o rata ngwana wa hae ho feta ba bang.
  • Lefura la ngwana ke ho rongwa – Mosebetsi wa ngwana ke ho nyolosa a theosa letsheare kaofela a ntse a rongwa.
  • Mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng – Motswadi e motshehadi o etsetsa ngwana wa hae tsohle tseo a ka di etsang, le ha ho ka ba thata jwang kapa jwang.
  • Thupa e otlollwa e sa le metsi – Ngwana o rutwa melao a sa le monyane pele a ba manganga. Ngwana o lokiswa a sa le monyane dilemong.
  • Ngwana lekgala o tsamaya ka lekeke – Ngwana o tshwana le batswadi ba hae.
  • Ngwana mala ho fela, kgorula – Ke jwala kapa metsi a ho qetela a seng makaenyana.
  • Ngwana marataelwele motho a tswa kotsi – Enwa ke motho ya ratang ho lwana haholo ebile ke yena moqabanyi.
  • Ngwana moshemane pholo ya letlaka – Mona ho lekanywa hore ha ngwana mosehemane a bolailwe ntweng ha a llelwe empa o bonwa e le mohale.
  • Ngwana setsohalepelo ya maobane – Ke motho ya dulang a sa fetohe ka dinako tsohle a dula a thabile.
  • Ngwana tadi o tsejwa ka mereto – Ke ngwana ya bonwang ka tshobotsi e tshwanang le ya batswadi le mekgwa le diketso tse ntle le tse mpe.
  • Ngwana talane ha lele – O se ke wa belalela ha o kotutse botala ho na le mabele hobane bana ba hao ba ke ke ba robala ka tlala.
  • Ngwana ya tjheleng o tshaba leifo – Motho ya batlileng a eba kotsing o dula a se a tshaba kotsi eo a ke ke a kgutlela ho yona hape.
  • Ngwana tsha ha se mele poya – Ke motho ya sa haheng sebakeng se le seng a dula mona a tloha a ilo dula kwana.
  • Ngwana ke wa kgomo – Ho hlaloswa hore ngwana ke wa lelapa la bontatae.
  • Ha ho ngwane motle – Ha motho e mong le e mong a hlahelwa ke mathata a bophelo.
  • Ngwana lelala o antse kgonong – Ho hlaloswa mefokolo ya batswadi eo ngwana a ka bang le yona.

“Bona le: Morwetsana wa Mosotho“

Leave a Comment