Morwetsana (kgodiso) wa Mosotho

Thakaneng

Thakaneng ke moo ho robalang banana feela. Ba kgethelwa mosadi a tla robala le bona. Ha ngata ho kgethwa mosadi a seng a hodile, ke hore a seng a se na mehopolo. Basotho ba kgetha mosadi a mekgwa e metle. Mosadi a nang le makgabane a matle. Leketakoma la mosadi le qhelelwa thoko le bana ba batho. Batho ha ba thabele ho etsa peo ka motamo. Peo e a kgethwa hore tjhai e be ntle. Mosadi eo a kgethuweng ke setjhaba, ke yena a tla robala le banana thakaneng.

Thakaneng hona le thuto ya bohlokwa e hlophisetswang banana ba seng ba le baholwanyane. Ke bua ka banana ba seng ba le diolamelora. Ke banana ba qalang ho itemoha le ho tseba ka tshebetso ya mebele ya bona ha ba ntse ba hola. Ke bona ba tla binelwa dipina tsa mokopu. Tseo di tla latela.

Thuto ya thakaneng

Mosadimolo enwa a robalang le bona o ba etsetsa ditshomo. Ditshomo tsena di etsetswa ho koeetsa bana ba bannyane hore ba robale. Banana bana ba baholwanyane bona ha ba dumellwe ho robala. Ha ba otsela mosadimoholo o ba tshosa ka thupa. Ditshomo di otsedisa bananyana ba bannyane athe ba baholwanyane ba ntse ba rata ho di mamela hobane di le monate. Ditshomo tse ding bontsha bohlale le pale ya ditjhaba le marena. Dipale tse ding ke tsa dintwa le ka moo di ileng tsa atleha kapa batho ba hlolwa ka teng. Ke mokgwa o mong wa ho thoholetsa bahale ka mokgwa wa papadi.

Hang ha bananyana ba bannyane ba robala, mosadimoholo o qala thuto e matla ya bophelo. Ke moo ba rutwang mekgwa ya boitshwaro. Ba a bolellwa hore ha ba ntse ba bapala le bashemane, ba robala le bona pele ho lenyalo, ho ya nakong ha bona, ho thusa batswadi ba bona e ka sita le mekgwa ya ho dula, baka kena kotsing. Ba bontshwa tsohle tse kenyeletsang le mekgwa ya ho tena le ho itlhompha. Banana bana ba qala ho lemoha diphetoho tseo ba di bonang mebeleng ya bona. Ke yona nako eo ba itemohang ka yona hore ke batho, mme ba boptjuwe e le batho empa ba fapane le bashemane. Ka hoo ba tshwanetse ho tseba hore bona ke banana.

Ha ngwanana a teha metsi

Banana bana ba tla qala ho teha metsi. Ha ba teha metsi ke ha ba ya nakong. Ka nako eo mosadimoholo o etsa ditlhophiso le malapa a bo bona. Mohlang oo ngwanana enwa o hojwa ka letsoku. Tsena o di etsa ka thuso ya mosadi e mong a mekgwa e metle,a tshepetsweng hore e ka ba mohlala o motle ho ngwanana enwa. Ho kgethwa basadi ba nang le makgabane a matle. Thope ena e tentshwa thethana feela. Ka hodimo ha a tentshwe kapa ho epeswa letho. O tla bona ka letswele le emeng hore enwa ke ngwanana. Ngwanana o tsoseletswa sedibeng a rwetse nkgo. Ha a qeta ho kga metsi, a boela lapeng, o fumana a se a emetswe ke basadi ba motse le bananyana mme ba mminela mofuta wa pina e bitswang mokopu. Metsi ana a tsamaya a mo tshela mmeleng, diropeng le ditlhafung.

Ha ho thetheswa bohadi

Ngwanana o a koptjwa, a kopelwa mohlankana a itseng hore e be motlhatlehi wa hae. Dikgomo tsa bohadi di a ntshwa. Ha ho se ho phethuwe tsohle, ngwetsi e iswa bohadi. Ngwetsi ena e tla hopola thuto yane ya thakaneng. Tseo a neng a di rutwe moo, di tla bonahala kajeno ha a nyalwa a ya bohadi.

Ba bohadi ba hae ba ahela mora le ngwetsi ntlo e ntjha e bitswang leqatha. Ka moo ka leqatheng ho alola matsala ngwetsi. Le ha ngwetsi e ka alola empa mmae matsale o tla ikutswa a yo sheba hore na ebe papadi ya mora le ngwetsi e nene e le jwang. Ha ho ka fumaneha hore mora a ka nna a lematsa ngwetsi, eba mora le yena o tla bitswa mme a yo lauwa a fuwe melao e metjha ya papadi ena e ntjha eo le yena a tla beng a qala ho e bapala. Mora le yena o tla be a ntse a lauwe ha a le kgwading le dithaka tsa hae. O tla hopotswa le yena hore na melao ya papadi e tshwanetse ho ba jwang.

Ka leqatheng/ ho hlahlwa ha dikgomo/tse swabisang

Ngwanana wa Mosotho o tshwanetse ho itshupa hore ke ngwanana o ntse a rwetse tsana, letswele le eme ha le so thulwe ke mang kapa mang. Mohlomong ka mokgwa wa mohlolo, haeba ho ka etsahala mohlankana eo e leng monna wa hae, a lemohe hore thope e se e ile ya matha tseleng ena, o tshwanetse ho tlalehela ba habo. Mohlankana enwa o tlaleha ditaba tsena ka ho tsoha ka meso a bulele dikgomo le manamane. Dikgomo tsena o di isa mokgwabong. Mohlang oo ha ho hangwe. Lelapa le tla ja phate. Motsheare wa hoseng, wa ka nako eo ho hagwang ka yona, eba o tla kgetha moolowa dikgomong tseo tsa habo ebe oo hoba ka seretse. Ha a qeta moo o a di kganna o ya hae.

Mohlankana enwa ha a fihla hae o dula hodima lesaka. O nka molamu ebe o phunya kobo eo a e apereng lesoba haufi le lehetla. Batswadi ba hae ha ba tsoha, mme ba mo fumana a dutse hodima lesaka, a phuntse kobo ka molamu, eba ba se ba tseba hore ditaba di mpe haholo ka leqatheng. Ke molaetsa o ba tsebisang hore ngwetsi eo ya bona e se e ile ya matha lekoteng lena pele ho nako.

Mohato wa tokiso le tlhahlo

Batswadi ba mohlankana ba hlabela bakgosti ba bona mokgosi o ba tsebisang ditaba tsena. Ke ditaba tse swabisang e le kannete. E ba ditlhong tse tshabehang lapeng labo. Kgodu e tswa mokopung. Ho bohloko ha batho ba soma lelapa ka boitshwaro ba bana ba lona. Batswadi ba keke ba roma ngwana hore a yo etsa diketso tse swabisang. Ke moo ho tla qala dipuisano tse ntjha tsa ho hlahlwa ha dikgomo tsa bohadi. Ka nako eo ngwetsi e busetswa habo yona mme e ba lenyalo le fedile. Ngwanana eo o se a ka nna a inyallwa ke monna e mong a wetsweng ke ntlo. Ngwanana eo ha a dumellwe ho bapala le dithaka tsa hae tse so nyalwe. Basotho ba tshaba hore o tla ruta ntsi.

Leave a Comment