Ditoro ka dikgaka

Ha o lora dikgaka e atisa ho ba letswao le letle. Ho bolela hore ho na le lehlohonolo le e o tlelang haufinyana. Ha o lora kgaka e behela mahe, ho ka bolela katleho le tswelopele e tlang ho wena, mme Modimo o o hlohonolofaditse haholo ka talente e tla o phahamisa.

Bathong ba kgwebo, ho lora kgaka ho bolela hore kgwebo e tla ba tsamela hantle. Ka nako tse ding ho bolela hore o tla tsetela kgwebong e ntjha e tla o etsetsa phaello.

Puisano ya sedimo

Ho lora kgaka ho ka bolela hore badimo ba hao ho na le ntho eo ba batlang o e etse. Ka nako tse ding ke tshireletso ya badimo. Ha o lora kgaka e o baleha, ke letshwao le lebe, ho ka bolela hore badimo ba o halefetse kapa ba o furaletseng. Ha o lora dikgaka di o lelekisa kapa di o hlasela, ho ka bolela hore ha o itshepe kapa o boi, mme seo se tla o kgutlisetsa morao bophelong.

Ditlhokomediso

Ha o lora pitso ya kgaka, ho ka bolela hore o hlokomele batho ba o potapotileng, ho na le ntho e tla etsahala e tla o diya moya, kapa batho ba sebe ka wena, ba o buwe hampe.

Ho lora kgaka ho bolela hore o lokela ho bua ha hona le ntho e o tshwenyang. Ho ka boela hore puo kapa mantswe a hao a na le matla a ho fetola maemo.

Tshireletso le Katleho

Ha o lora kgaka e fofela ho diphoofolo tse lekang ho o lematsa, ho ka bolela hore Modimo o o tshireleditse nthong eo o e tshabang. Ka nako tse ding dikgaka di bolela kgotso le kgutso dikamnong tsa lerato, mme ha le sebetsa mmoho le tla atleha, ditoro tsa lona di phethahale. Ha o lora dikgaka di tsamaya ka dihlopha, ho ka bolela hore o tla ikamahanya le batho ba tshwanang le wena, le sebetse mmoho.

Leave a Comment