Ditoro ka katse

Ha o lora katse, ke letshwao le lebe, ho ka bolela hore batho bao o sebetsang le bona kapa ba bophelong ba hao ha ba tshepahale.

Ditoro ka dikgaka

Ha o lora dikgaka e atisa ho ba letswao le letle. Ho bolela hore ho na le lehlohonolo le e o tlelang haufinyana. Ha o lora kgaka e behela mahe, ho ka bolela katleho le tswelopele e tlang ho wena, mme Modimo o o hlohonolofaditse haholo ka talente e tla o phahamisa. Bathong ba kgwebo, …

Bala haholwanyane

Ditoro ka dipere

Ha o lora pere ho ka bolela ho thaba le ho atleha bophelong ba hao, haholoholo ha e le tshweu. Empa ha pere e halefile o e palame, ho ka bolela hore o tlaba le mathata dikamanong tsa lerato.

Ditoro ka matata

Ha o lora matata, o ka fumana o atlehile, o tswetse pele, ha fela o sa a bolaye. Ha o ka a bolaya, ho tla bolela bothata le madimabe.

Ditoro ka podi

Ha o lora podi, ho ka bolela hore o tla ba lehlohonolo ha podi eo e le tshweu, empa e be bomadimabe ha e le ntsho.

Ditoro ka dikonyana

Ha o lora dikonyana, ho tswa ka hore o di tshware jwang. Ha o le rapolasi, o di hlokometse, ho ka bolela katleho. Empa ha o di hlaba, ho ka bolela hore o amohela ntho e phoso eo o e entseng hore o seka sotleha ka lebaka la yona.

Ditoro ka dipholo

Ha o lora pholo, e le ntle e le tshweu, ho ka bolela hore melemo ya hao le pelo e ntle di a bonahala ho batho.

Ditoro ka kolobe

Ha o lora kolobe, ho ka ho tle kapa ha ba hobe. Ha e fetana le wena e o baleha, ho ka bolela hore o tlo fetwa ke monyetla o moholo. Ha e iphapanya wena o ka tswela pele, wa atleha bophelong. Ha o lora fariki e tona, ho ka bolela hore mosadi wa hao …

Bala haholwanyane

Ditoro ka poho

Ha o lora poho, ho ka bolela bobe bokamosong ba hao. Ho ka bolela ho qhekanyetswa, dikgohlano le mathata a tlang ho wena, haholoholo ha e le poho e ntsho.

Ditoro ka moswang (Chyme)

Batho ba ne ba sebedisa moswang ho itlhatswa le ho tlosa meya ya batho ba hlokahetseng. Ha o lora o sebedisa moswang ke sesupo sa hore o lokela ho hlapa ka tsela ya sedimo sa haeno. Ho ka boela ho supa hore o potapotilwe ke bofifi ba boloi kapa lefu, ka hoo o lokela ho …

Bala haholwanyane