Ditoro ka moswang (Chyme)

Batho ba ne ba sebedisa moswang ho itlhatswa le ho tlosa meya ya batho ba hlokahetseng. Ha o lora o sebedisa moswang ke sesupo sa hore o lokela ho hlapa ka tsela ya sedimo sa haeno. Ho ka boela ho supa hore o potapotilwe ke bofifi ba boloi kapa lefu, ka hoo o lokela ho …

Bala haholwanyane

Ditoro la lekgantshi

Ha o lora lekgantshi, ho ka bolela hore o tla phomella, o atlehe mosebetsing wa hao, haholoholo ha le leka ho o nanabela ka molomo, le lla.

Ditoro ka ramo

Ha o lora ramo, ho ka bolela hore o tlaba madimabe ha nako e ntse e ya.

Ditoro ka nku

Ha o lora nku, ho ka bolela hore dintho tse ntle di tla o etsahalla. Nku e le nngwe fela e ka bolela hore o tla atleha mosebetsing wa hao, haholo ha e le e ntsho. Mohlape wa dinku o ka bolela ho thaba, ho atleha, le lenyalo le tshepahalang.

Ditoro ka dikgomo

Ha o lora dikgomo kapa manamane, moelelo wa tsona o itshetlehile tabeng ya hore di taolong ya hao kapa tjhe. Ha o di bona makgulong, kapa o di disitse, ho ka bolela katleho bophelong ba hao. Empa ha di o lelekisa, ho ka bolela hore dira tsa hao di leka ho o loya, mme di …

Bala haholwanyane

Ditoro ka ntja

Ha o lora dintja, ke letshwao le letle ebang di itshwere hantle, di o mamela, haholo ha e le borakana. Ha ntja e sa itshwara hantle, e lwana e senya le dintho, ho ka bolela hore o tlaba mathateng haufinyana. Ha ntja e o loma, ho ka bolela hore ho na le motho ya o …

Bala haholwanyane