Ditoro ka mmapa
Hangata ha o lora mmapa ho bolela hore o kgalla le ho lakatsa ho tsamaya o etele dibaka tse ntjha tseo o so ye ho tsona.
Hangata ha o lora mmapa ho bolela hore o kgalla le ho lakatsa ho tsamaya o etele dibaka tse ntjha tseo o so ye ho tsona.
Ha o lora o le ka bankeng ho bolela hore o tla futsaneha ha o sa hlokomele ditaba tsa hao tsa ditjhelete hantle.
Ha o lora o kadimme ntho e itseng ho motho e mong, ho ka bolela hore ho na le motho ya tlo o kopa thuso haufinyana. Ha e mong a kadima ho hong ho wena ho bolela hore o tlo hlonama kapa o lahlhelwe ke ho hong haufinyana.
Ha o lora ka borase, motho eo o mo ratang a ka o febela kapa a o thetsa.
Ha o lora sepatjhe sa hao se sena letho, o hlokomelo hobane ho ka etsahala hore ho be le motho ya o qhekanyetsang. Ha o lora sepatjhe sa hao se tletse tjhelete, o ka fumana o le morui haufinyana. Ha o ka lahlehelwa ke septjhe seo ho bolela hore o tla lahlehelwa ke kgokahanyo le …
Ha o lora o palame sefofane, ho ka bolela hore o tla ya hole ka bophelo, empa ho na le dintho tse ding tse ka etsahalang, jwalo ka ho shwahlamana, tse kang etsang mathata le ho hlonama haholo bophelong.
Ha o lora o palame baesekele e ka ba letshwao le letle bakeng sa ka moo o leng ka teng semelong le bokgoning ba ho nka diqeto. Ho sisinya hore ho na le kgonahalo ya hore o ka ya hole ka bophelo.
Ha o lora o na le bothata ka sekoloto sa hao, ho bolela hore o tla rua haufinyana.
Ha o lora mabenyane, moelelo o itshetlehile ho lebenyane leo o le lorang. Masale a ka bolela hore o tla lwana le motho e mong haufinyana, masale a matsoho le dipalamonwana tsona di ka bolela botle dikamanong. Mabenyane a maemo a phahameng a kang ditaemane, a ka bolela borui bokamosong ba hao. Difaha Ho lora …
Ha o lora o reka moo ho nang le ditheolelo, ho ka bolela hore o tlo khothotswa.