Ha o lora mabenyane, moelelo o itshetlehile ho lebenyane leo o le lorang. Masale a ka bolela hore o tla lwana le motho e mong haufinyana, masale a matsoho le dipalamonwana tsona di ka bolela botle dikamanong. Mabenyane a maemo a phahameng a kang ditaemane, a ka bolela borui bokamosong ba hao.
Difaha
Ho lora o bona mabenyane ho ka bolela hore o rata dintho tse ntle. Ha o lora o roka difaha ho ka bolela o na le talente ya ho sebedisa matsoho a hao, mme o ka e sebedisa ho iketsetsa tjhelete.
Ha o lora o dutse fatshe o bala difaha difaha ho ka bolela hore o tla fumana katleho le ho tuma empa o lokela hore o be hlwahlwa hore o tseo tsohle di etsahale.
Mebala ya difaha
Mebala ya difaha le meelelo ya tsona:
- Difaha tse kgubedu le tse tshweu di bolela hore badimo ba batla o etse mosebetsi o rwetse difaha tseo hore ba ikopanye le wena.
- Difaha tse tshweu di ka bolela motsamaisi wa molaetsa wa semoya ho ikopanya le badimo hore ho be le kganaya.
- Difaha tse tshehla di ka bolela moatsamaisi wa molaetsa wa semoya hore ho be le dikuno tse kenang.
- Difaha tse bolou di ka hlalosa motsamaisi wa maolaetsa wa semoaya ya dulang metsing ho bolela hore badimo ba o tshireleditse.
- Difaha tse ntsho di ka bolela matla, di o bontsha hore badimo ba o tshireleditse kgahlano le meya e ditshila.
- Difaha tse tala di ka bolela motsamaisi wa molaetsa wa semoya wa thabeng.
- Tse tshweu tse kopaneng le tse bolou di ka bolela meya ya badimo e fumanehang metsing.