Ditoro ka thepa ya ho aha

Ha o lora thepa ya ho aha ekang samente le ditene ho ka bolela bomadimabe. O ka ba le dikgohlano haufinyana kapa wa phoqahala ke seo bophelong bo o fang sona. Ha o lora disebediswa tsa mapolanka jwalo ka thupa, mapolanka, ho ka bolela hore o tlaba mathateng haufinyana ha o sa nke kgefu.

Ditoro ka cheke

Ha o lora check, ho ka hlalosa hore o tla hloka tjhelete haufinyana, empa o lemohe o hle o e sebedise hantle.

Ditoro ka lebokoso

Ha o sheba ka hara lebokoso o be o fumana se seng ntle le seo o se lebelletseng, ho ka bolela mathata a tjhelete haufinyana.

Ditoro ka senotlolo

Ho lora dinotlo e ka ba bomadimabe. Ho ka bolela matahat kgwebong ya hao haufinyana, kapa o fumane o lwana le motho e mong, ka hoo hlokomela kgalefo ya hao.