Tlhaho ya ngwana
Ka nako eo motho a fihlang ka yona lefatsheng, batho ba dumellwang ho kena ntlong eo ke basadi ba seng ba ile ba ya kweetseng ho ya lata bana. Bao he, ke bona ba dumellwang ho thusa motswetse e motjha, le haeba e se e le dipoya habedi, empa ho kena basadi ba tsebang ho lata bana bodibeng feela. Ha ngwana a qeta ho hlaha, ho hlongwa lehlaka ka pela ntlo. Lehlaka lena ke lona le bontshang hore mona ke motswetseng. Ho qobiswa banna ho kena ntlong eo. Batho ba bang ba hloma mahlaka a mabedi ka pela ntlo. Malapeng a mang ho hlongwa lehlaka le le leng. Malapeng a mang a hlongwa a le mabedi haeba ho hlahile mafahla. Le ha ho le jwalo ke rata hore re lemohe hore motswetseng batho ba bona ka lehlaka hore lesea le qetang ho hlaha le teng moo.
Moelelo wa lehlaka
Basotho ke setjhaba se nang le botjhaba, mekgwa, ditlwalo le meetlo. Basotho tlhahong ya bona le paleng ya bona ba dumela hore ke setjhaba se tshetseng Lewatle le lefubedu, leo ka Senyesemane le bitswang Red Sea haeba ke nepa ditaba. Ho utlwahala hore lewatle lena sethatong le ne le bitswa Reed Sea. Ke ka hoo Basotho ba ileng ba le bitsa Lewatle la Lehlaka. Pale e nngwe e bontsha hore ho tloha Botjhabela bo hare, ba tshetse ka hara lehlaka leo ha ba tla tla fihla Ekgepeta moo ba ileng ba iqalla bophelo teng. E re ka ha ba tshetse ka hara lehlaka, ke ka hoo e reng ha ngwana a hlaha ebe ba hloma lehlaka. Ke sesupo sa moo setjhaba se tswang teng. Ke ka hoo o utlwang Basotho ba bang ba re ‘re tswa Ntswanatsatsi lehlakeng.’ Lehlaka ho Basotho ke semela sa bohlokwa haholo. Ka nako e nngwe moo lehlaka le metseng teng, haeba le tsekwa le a nyamela. Le a inyamella mme ha le na ho mela. Basotho ba bang ba re lehlaka le na le mokgwa wa ho theola sekgahla sa meya e mebe hore e se ke ya kena motswetseng. Meye e ditshila e ka sithabetsa ngwana le mmae. O ka fumana ngwana a se a fetoha sebupuwa kapa kotlwakanyaha ka lebaka la meya e ditshila e ba hahlametseng.
Kuruetso
Ngwana o a kuruetswa. Ho kurutsa ke bo bontsha ngwana kgwedi le dihlodilweng tse ding tsa lehodimo. Ha a bontshwa kgwedi, haeba e le moshanyana hothwe,’thaka ya hao ke yane, athe ha e le ngwanana hothwe molekane wa haio ke yane.’ Ka nako eo a kuruetswang ka yona o nkuwa ke mmae kapa nkgonwae. Ha a bontshwa kgwedi, o e bontshwa ka ho e supa.
Ka mane ka lehlakeng ngwana o ntse a ikgolela hantle. Ka nako eo kgujwana ya hae e kgaohang ka yona, hothwe ngwana o a bolla. Mosebetsi wa kgujwana ke wa lelapa ka leng. Beng ba lelapa ba e sebetsa ho latela maseko a malapa a bona. Ke ka hoo o tla fumana hore ka nako e nngwe haeba motho a ile a hlokahalla hojana le hae, moya wa hae o latwang ka lehlaku la sefate.Re bua ka mafu a tshohanyetso, e seng ha motho a hlokahaletse sepetlele kapa setsheng sa kalafo. Ba etsa jwalo ho latela hore na kgujwana ya lesea, kapa ya mofu boseeng ba hae, e ile ya bolokwa ho kae. Batho ba ileng ba boloka dikgujwana tsa masea a bona metsong ya difate, ha ba hlokahallwa ke bang ka bona ka tshohanyetso, ba ba lata ka mahlaku a difate. Ba etsa jwalo ho latela seo ba ileng ba se etsa, ba laolwa ke maseko a malapa a bona, ka dikgujwana tsa bana ba bona. Ha se bohle ba latang meya ya bafu ka mahlaku a difate. Mehleng ena e bonahala e hlile e le ntho e etswang ke batho ba bangata. Ha ngata batho ba latela boeletsi boo ba bo fumanang bathong ba bang. Ka bomadimabe o tla fumana hore baeletsi ha se ba morabe o le mong le mo eletsuwa. Le ha ho le jwalo ke dumela hore, ka maikutlo a ka, ntho e kgolo ya bohlokwa ke tumelo ya seo motho a se etsang.
Pehello ya ngwana puleng
Ngwana o a hola a be a ithute ho ema le ho kgasa. Ka nako eo ho shejwa hore na pula e na neng. Hang ha lefafatsane le fihla le re fahlafahla, e ba ngwana o a hlobodiswa a nto allwa mosengwana ka potlako kantle lebaleng. Mmae kapa nkgonwae o a mo nka a yo mmeha mosemeng oo o kantle hore pula e mo hase mmele ona kaofela. Ka nako eo o tla utlwa batho ba lapeng ba ntse ba re’ leshodu ke leo.’ Ha pula ena e mo kolobisa mmele, o tla utlwa ka seboko hobane motho o a makala hore na ana metsi ke a jwang a tswang ho kae. Ke mohato wa bohlokwa haholo ona wa ho behella ngwana puleng. Ho hlake hore ngwana o behellwa puleng a so kolobe hohang. Mohla a behellwang puleng, e tshwanetse hore e be lekgetlo la pele a koloba. Ngwana eo kgolong ya hae a keke a tshaba pula le metsi. Haeba lefafatsane le ka na a etile kapa a ronngwe, o tla kena pula eo a phethe thomo ya ba mo rommeng kapa a boele lapeng. Ngwana o behellwa puleng nako e kgutshwanyane. Morero o mo holo ke hore a kolobe a tsebe ho hola a tseba hore bophelong pula e teng.
Pina ya mankokosane
Basotho bana le papadi e bitswang mankokosane. Papadi ena e bapalwa ke banana le bashanyana le banana. Ha pula ena, bana ba tswela kantle ba yo tlolatlola hara marothodi a pula ha a ntse a ba tshela mebeleng. Ha ba tlolatlola jwalo, ba bina pinanyana e monatjana e reng,’ mankokosane pula e na, re tla hola ne? Re tla hola hosane.’ Ke letshwao le bontshang hore dijo tse hodisang bana le dimela e ka sita le tsohle tse hlabollang lefatshe di etswa ka metsi. Ho feta mona e ntse e le letshwao le bontshang hore ka Sesotho ngwana o tswa letsheng. Ke ka hoo bana ba ratang metsi.
Ka bomadimabe ngwana a sa behellwang puleng, hang ha le duma, lefafatsane kapa mathe a dintshintshi a ka mo tshwara tseleng, o ba tsietsing e tshabehang. Ka nako e nngwe le ho kula a ka kula. Ha ho le jwalo, e ba o tshaba letolo le ha le se kotsi, le dumela fatshe, ngwana eo o tshwanetse hore a yo nweswa metsi matlapeng, majweng a nang ke dikotjana tse etsang diqanthana. O tshwanetse hore a iswe moo e sa le hoseng haholo. Ho ka ba hotle ha a ka iswa matlapeng moo haeba pula e letse e nele ka la maobane.