Ngwana a tjhellwang ke (diaparo) diphahlo

Mollo le maonatso

Bophelong hona le motho a moanatso. Motho a maonatso ke a motho eo diaparo kapa diphahlo tsa hae di senyehang ka pele. Motho a ka rekelwa kobo kajeno hosane e tsohe e tabohile kapa e tjhele. Le ngwana a ratwang ke mollo o jwalo. Ha a dutse le bana ba bang mollong, ho se le ha a le mong a tjhetsweng ke letho, empa yena o tla tjhellwa ke qola ya kobo, qola ya eng kapa eng eo a e tenneng kapa a e apereng. Ngwana a jwalo ditho tsa hae di senywa ke mollo. Ha a ka feta haufi le paola kapa leifo, o tla fumana seaparo sa hae se tjhele. Ka bomadimabe o dula a amonywa jwalo ka haeka o etsa ka boomo.

Seabo sa malomae

Malapa ha a nyallana a ntsha dikgomo tse pedi, tse salang ka lapeng la bomorwetsana. Dikgomo tsena di salla hore mohla tsietsi e leng teng e hlokang ho phekolwa ke kgaitsedi ya eo a nyalwang, ho be bonolo ho yena ho sebeletsa batjhana ba hae. Ha se ha ngata malapa a etsang jwalo. Le mehleng ya maobane e ne e le malapa a nang le dikgomo, a kgorang a neng a etsa jwalo. Malapa ha a tlangwe hore ha ho nyallanwa ho siuwe dikgomo tseo tse pedi. Ngwana enwa a tjhellwang ke diphahlo o etsetswa ditlhophiso le malamae. Ba habo ba tsebisa kgaitsedi ya mmae hore ba tla romela motjhana a tlo mo tshola. Ha ho se ho dumellanwe, motjhana o romelwa habo moholo hore a yo tsholwa ke malomae. Motjhana o a bolellwa hore a se ke a robaletsa. O tshwanetse ho ya hoseng a be a kgutle a tle hae.

Ditlhophiso tsa malapa

Malapa ka bobedi aa ritela, a nto pheha dijo. Mohlang oo ho jewa dijo tse mediswang ke lefatshe feela. Le jwala bo tshwanetse hore e be bo rathotsweng lapeng ka mona. Mefuta e meng ya dijo e ka jewa ka morao, mosebetsi o se o phethetswe ka hohlehohle. Batho ba mmalwa ba ba teng mosebetsing oo le ho ja e le mosebetsi wa lelapa.

Tshebetso

Ha motjhana a fihla habo moholo, o bontshwa nku eo a tla sebeletswa ka yona. Motjhana o tshwanetse hore a e pholle mmeleng mona, a be a pholle haholo hloohong. Bamalome ba bang ba laela batjhana hore ba teanye diphatla tsa bona le tsa nku eo batjhana ba sebeletswang ka yona. Ke sesupo sa hore motjhana ho malomae ke motho wa bohlokwa. Ha e le motjhana e moholo lapeng leo, o ananelwa haholo hobane o nkuwa e le hlooho ya malomae. O tla elellwa hore mohla malome a hlokahalang, motho a tshelang mobu pele ke motjhana e moholo, e be ho latela batjhana ba bang. Ka morao ho moo e be hona ho tla latela lelapa ka tlhahlamano ya lona. Ke ka hoo motjhana a hlomptjhwang ha kana. Motjhana o hlobodiswa diphahlo tseo tse tjheleng, tseo a di apereng. Hang ha a hlobola, le nku yane eo a sebeletswang ka yona e a hlajwa. Malomae o mo hlobolela seaparo seo a se a pereng, se se nang letheba, ka nako e nngwe e ba se setjha seo a tla se hlobolela motjhana wa hae. Ha molame a se a apere seapro, le ha e le kobo e tjheleng qoleng, e ba molamae o mo apesitse kobo e ntjha, o tla utlwa ka ho omana ho etswang ke malomae. Malomae o omanya mollo ka mantswe a bohale. O laela mollo hore se ke wa hlola o kgathatsana le motjhana wa hae. Oo bolella hore e be o qetetse ho ptjhesa motjha wa hae. Malomae o tla nka sekere kapa ntho e bohale e sehang e be o seha seaparo sena seo a se hlobodisitseng motjhana wa hae, se seng se aperwe ke yena, qoleng e nngwe. Sekgetjhana seo se sehuweng ke malomae, o se tjhekela thotobolong. Ha a ntse a etsa tsena, o di etsa a halefile haholo, a omanya mollo. Ka nako e nngwe malomae o a se tjhesa le yena hore molowa sona o felle ho thotobolong moo. Tsena di etswa ka bohale bo tshosang. Motho a tshabang ho omanywa o a baleha.

Nama ya nku

Nama ya nku yane a hlajuweng e a phehwa. Ho phehwa dijo tse ngata. Motjhana o fuwa hlooho, sephaka se setshehadi le dikgopo tse tshehadi e be nama eo kaofela e thatwa ka letlalo la nku ena e hlajuweng. Motjhana o fuwa hlooho hore a yo bontsha ntatae kapa ba habo hore o sebeleditswe ka nku. Ntatae o tla pakelwa ke letshwao la diphoofolo tsa mokgotsi wa hae hobane o tla le bna tsebeng ya nku. Ha ntatae a se a bone letshwao, ke hona a bang le bonnete ba hore ngwana wa hae o sebeleditswe hantle ke malomae. Motjhana o jara nama eo mmoho le letlalo la yona o ya le yona habo.

Ngwana a tjhellwang ke diphahlo o fihla habo

Ba habo ba mo amohela ka thabo le medidietsane. Ha a fihla habo, ho phehwa nama ena eo a tlang le yona. O hopole hore ha se mokete wa setjhaba empa ke morero wa lelapa feela. Batho ba tshehetsang, haholo baahelwane, ba kgellwa jwala, ba bang ba ntse ba fuwa dijonyana tse ka bang teng hore le bona ba latswe. Ka nako e nngwe ba iphellwa jwala feela. Batho ba nang le matla ba eketsa dijo tseo bana ba bona ba tlang le tsona ka ho hlaba nku e nngwe hore bohle ba teng ba tsebe ho latswa moronyana. Motho enwa a tswa tsholwa, o fihla habo a tenne, a bile a apre tse ntjha feela tseo malomae a mo tshotseng ka tsona. Ha ho entswe jwalo e ba ngwana o tshotswe. Ha ho entswe jwalo ngwana a keke a hlola a ptjhellwa ke diphahlo.

Leave a Comment