Skip to content
- Bodibabotala ha bo okamelwe – Keletso ya hore motho a se ke a bapalla kotsing.
- Ngwana mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha – Motho ya hanang kgalemelo le tlhokomediso o qetella a le tsietsing.
- Letlang le bonwa ha le emelwe – O se ke wa emela tsietsi eo o e bonang e tla e sa le hole.
- Di pele, di morao – O se ke wa itshepisa haholo ka dintho tsa hosane / moo o yang.
- O se kewa tshepa dibana se ka pele – Tshwara o tiise nthong eo o nang le yona.
- Ho loma tsebe – Ho hlokomedisa / sebela.
- Ho tsosa ditaba masene – Ho hlokomedisa motho ntho ya neng a sa e hlokomele.
- Ntjhanyana se llele ho disa dinako tsa hao di a tla – Ngwana kapa motho e moholo ya batlang ho etsa ntho e itseng pele ho nako ya hae.
- Ha ho nakgomo ya boroko – Motho e mong le e mong o lokela ho sebetsa hore a tsebe ho ja. Ha ho na seo o tla se fumana o dutse feela.
- Ho di hlaba malotsana – Ho elelliswa, ho hlokomedisa, ho eletsa le ho hlaha leseding.
- Ho hloma lehlaka – Ho hlokomedisa hore ho na le ngwana ya sa tswa tswalwa le motswetse. Letshwao le bontshang hore ho na le lekgabunyane.
- O se ke wa kgahlwa ke none e feta e hlotsa – Ke tlhokomediso ya hore motho a se ke a kgahlwakgahlwa feela ke ntho e nngwe le e nngwe.
Related