Maele le dikapolelo tsa manyalo

  • Monyalakapedi o nyala wa hae – Ke ha ho utlwanwa ha ho nyalwa le ka dikgomo tse mmalwa ha ho thetheswa bohadi. Dikgomo tsa lenyalo di tlisa kgotso batswading ba mohlankana le morwetsana ba nyalanang. Hona ho bolela hore ha se hore motho o tlameha e be morui pele a ka nyala moratuwa wa pelo ya hae. Ka dipuisano malapa a a kgona hore a buisane, a be a dumellane hore mohlankana a nyale ka bokae, haholoholo ho ntsha hlooho e leng yona karalo ya mahadi e dumellang mohlankana hore a ka nka moratuwa wa hae e ilo ba mosadi wa hae. Ditaba tsa pelo ke tsa pelo, tjhelete e se thibele baratani ba nkileng qeto ya ho phela mmoho ka mokgwa wa lenyalo ho tswela pele. Ha maikemisetso a le teng, a bonahala, ka ditumellano ho rerwe tse molemo, tse lokileng bakeng sa bana, ba hlohonolofatswe, ba phele mmoho, lelapa le hole.
  • Ho kopa mohope wa metsi – Mohope ke setshelo se tshelang kapa se kgang metsi. Ya nyalang ho atiswa ho thwe o hloka ya tla mo kgella metsi ha a nyorilwe, ha a qeta ho ja kapa ha a ntse a sebetsa ka thata. Jwale ke moo tshwantshanyo ya sekgametsi e hlahang, ha mohlankana a nyala ho thwe o kopa mohope wa metsi.
  • Motse ho ahwa wa morapedi – Ke lenyalo kapa lona lelapa la mosadi ya rapelang le tiyang, le sireletsehang. Hona ke kgothaletso ya hore setshabelo sa lelapa e nne e be yona thapelo le Modimo.
  • Ho hlabiswa ha bohadi – Ke mokete o etswang ha ho ketekwa lenyalo ka mora hore monyadi a qete ho lefa mahadi ao ho dumellanweng ka ona, haholoholo ha karolo ya hlooho e se e lefilwe. Ho hlajwa kgomo e tla kopanya diboko, mme ho etswe diketso tse amanang le keteko eo.
  • O ka nketsang ha e ahe motse – Ho hloka boikokobetso, ho se kgathalle le ho hloka hlompho ho ke ke ha matlafatsa le ho boloka seriti sa lenyalo.
  • Sa bohweng se ratha se iname – Ho bolela hore mokgwenyana o e lwana senna bohweng. Mokgwenyana o thusa ka tsohle tseo a nang le tsona moo a nyetseng teng ho sa kgathaletsehe boima ba seo a lokelang ho se etsa.
  • Ho thethesa bohadi – Ke puisano e ba teng ha ho tlo buisanwa le hona ho dumellana ka mahadi pakeng tsa habo mohlankana le ba habo kgarebe.
  • Mokgwenyana bohweng ke sebabatso – Mokgwenyana bohweng, e leng habo mosadi, o a ratwa ebile o fuwa tlhompho yohle. Ha a wele fatshe, ke naledi e pela kgwedi.
  • Mosadi o ngalla motsheo – Ha taba di le boima mosadi a se ke a balehela lelapa la hae yaba o a ngala a re o ya habo.
  • Ho beka ngwetsi – Ho tlwaetsa ngwetsi tsa lelapa la bo yona le letjha. Ho tlwaetsa ngwetsi tsa lelapa la bo yona le letjha.
  • Mofuta ha o nkgwe ka nko e se qoba la kwae – Mohlankana kapa morwetsana o ithuta molekane wa hae le ba habo hantle ha ba se ba dula mmoho.
  • Monna ke mokopu o a nama – Motho e motona o kgona ho ya kae le kae ka tsa marato kapa hona ho fereha.
  • Pelo e ja serati – Lerato le utlwa ke motho ya ratang.
  • Bohadi bo hobile  – Ha ho na kgotso ha ba habo morwetsana ba hana dikgomo tse sa lekanang hoy a kamoo ho buisanweng kateng.
  • Ha le a tlala le mariha – Ha ho tumellano ka dikgomo tsa bohadi ha di sa fella.
  • Ho raha moritshwana -Ho ba le tlala ha mohlankana a batla ho nyala a bulela dikgomo le manamane hoseng a sa hame.
  • Selelekela -Ke kgomo e tona le e tshehadi tse etellang tsa bohadi pele.

Leave a Comment